Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 14:58 - Sesotho 1909/1961 (SO)

58 Re mo utlwile a re: Ke tla qhaqha tempele ena e entsweng ka matsoho, ke hahe e nngwe ka matsatsi a mararo, e sa etswang ka matsoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

58 “Re mo utlwile a re: ‘Ke tla qhaqha Tempele ena e hahilweng ke batho, mme ka matsatsi a mararo ke hahe e nngwe e sa hahwang ke batho!’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

58 Re mo utlwile a re: Ke tla qhaqha tempele ena e entsweng ka matsoho, mme ka matsatsi a mararo ke tla haha e nngwe e sa etswang ka matsoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

58 Re mo utlwile a re: Ke tla qhaqha tempele ena e entsweng ka matsoho, mme ka matsatsi a mararo ke tla haha e nngwe e sa etswang ka matsoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 14:58
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha o ntse o tadima, wa bona lejwe le kgephohang e seng ka matsoho a motho, la thesela setshwantsho maotong a sona a tshepe le letsopa, la a robaka.


jwalokaha o bone lejwe ha le kgephoha thabeng e seng ka matsoho a motho, le robaka tshepe, koporo, letsopa, silefera le kgauta. Modimo o moholo o tsebisitse morena se tlang ho etsahala kamorao ho mehla ena; toro ke ya nnete, mme kwahollo ya yona e tiile.


tsa re: Enwa o kile a re: Ke na le matla a ho qhaqha tempele ya Modimo, ke be ke e tsose ka matsatsi a mararo.


Ba bang ba ema, ba mo qosa ka bohata, ba re:


Empa le teng taba tsa dipaki tseo di ne di sa dumellane.


Ba fetang ba ne ba mo nyefola, ba sisinya dihlooho tsa bona, ba re: Hela! wena ya qhaqhang tempele, ya e tsosang ka matsatsi a mararo,


Jesu a araba, a re ho bona: Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.


Empa Ya hodimodimo a ke ke a aha ditempeleng tse entsweng ka matsoho, jwalokaha moporofeta a boletse, a re:


Efela re a tseba hoba mohla ntlo ena ya rona ya lefatshe, e kang motlotlwane, e senyehang, re na le leaho mahodimong le tswang ho Modimo, e leng ntlo e sa kang ya etswa ka matsoho, e sa feleng.


Empa Kreste, moprista e moholo wa menono e tlang ho hlaha, ha a pholleditse ka tabernakele e fetisang ka boholo le ka botle, e leng e sa kang ya etswa ka matsoho, ke ho re, eo e seng ya popo ena,


Hobane Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, e leng setshwantsho feela sa sa sebele; empa o kene lehodimong la sebele, a tle a hlahe jwale pela sefahleho sa Modimo, sebakeng sa rona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ