Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 14:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 O ne a re: Abba, Ntate! tsohle o ka di etsa; tlosa senwelo sena pela ka; empa, ho se ke ha etswa seo nna ke se ratang, ho etswe seo wena o se ratang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 A re: “Abba, Ntate, ha ho letho le ka o sitang: ako tlose senwelo sena pela ka! Empa ho etswe se ratwang ke wena, e seng ke nna!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

36 A re: “Abba, Ntate, dintho tsohle di a kgoneha ho wena; tlosa senwelo sena ho nna;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 A re: “Abba, Ntate, dintho tsohle di a kgoneha ho wena; tlosa senwelo sena ho nna;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 14:36
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hleka taba e teng e ka sitang Jehova? Ka nako e beilweng, ke tla kgutlela ho wena, ha selemo se boya, mme Sara o tla ba le mora.


Ho etsa ho ratwang ke wena, Modimo wa ka, ke sona seo ke se ratang, molao wa hao o ngodilwe pelong ya ka.


Bona, ke nna Jehova, Modimo wa nama yohle; na ntho e ka ba teng e ntshitang na?


A ntoo ya pejana, a wela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ekare ha ho ka etswa, ako fetisetse senwelo sena hole le nna? Empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho mpe ho etswe ya hao!


A boela a ya la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ekare ha e se ntho e ka etswang hore senwelo sena se fetele hole le nna ke sa nwele ho sona, a ho etswe thato ya hao!


Jwale lona, rapelang jwalo, le re: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao a le ke le kgethehe;


Jesu a ba shadima, a re: Ke ntho e sitang batho, empa ha e site Modimo; hobane Modimo tsohle o ka di etsa.


Ba re ho yena: Re ka tseba. Yaba Jesu o re ho bona: Efela le tla nwela senwelong seo ke tla nwela ho sona, mme le tla kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona.


A boya, a ba fumana ba robetse; a re ho Petrose: Simone, na o robetse? O sitilwe ho fadimeha hora e le nngwe na?


Jwale, moya wa ka o a sisimoha; mme ke tla reng? Na ke tla re: Ntate, o ntwele nakong ena? Empa ke yona ntho eo ke tletseng nako ena.


Yaba Jesu o re ho Petrose: Busetsa sabole ya hao selateng; na nke ke ka nwa senwelo seo ke se neilweng ke Ntate?


Jesu a re ho bona: Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.


Ke sitwa ho etsa letho ke nnotshi; ke ahlola kamoo ke utlwang kateng, mme kahlolo ya ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratwang ke nna, ke mpa ke batla ho ratwang ke Ntate ya nthomileng.


Mme erekaha le le bana, Modimo o rometse dipelong tsa lona Moya wa Mora wa wona, o howang, o re: Abba! Ntate!


Mme ha a hlahile a le jwaloka motho, o ikokobeditse, a iketsa ya utlwang ho isa lefung, e, le lefung la sefapano.


ha re lesa ho tshepeha, yena o ya nne a tshepehe; o sitwa ho itatola.


ba tle ba be le tshepo ya bophelo bo sa feleng, boo Modimo o sa thetseng o bo baletseng batho, lefatshe ha le ne le eso ho be teng,


hore rona, ba phallelang tshepo eo re e beetsweng pele, re be le tshediso e fetisang ka ho tiya ka baka la ntho tse pedi tse sa sisinyeheng, tseo Modimo o neng o ke ke wa etsa leshano ho tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ