Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 13:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Iponeleng, le fadimehe, mme le rapele, hobane ha le tsebe mohla e tla ba nako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Hlokomelang, le fadimehe, hobane ha le tsebe hore na nako eo e tla tla neneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

33 Iponeleng, le lebele, le rapele, hobane ha le tsebe hore na nako e tla ba neng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 Iponeleng, le lebele, le rapele, hobane ha le tsebe hore na nako e tla ba neng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 13:33
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lebelang ke hona; kahobane ha le tsebe letsatsi le hora eo Mora motho a tla tla ka yona.


Lona, le iponele. Bonang, ke le boleletse tsohle pele.


Jwale, le lona le itokise; hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.


Le mpe le ikapese ka Morena Jesu Kreste, mme le se ke la baballa nama ho e kgorisa ditakatsong tsa yona.


Fadimehang, le tiye tumelong; le etse ka senna, le matlafale.


Le rapele ka Moya kamehla, ka merapelo yohle, le fadimehele teng ka tiisetso yohle, mme le rapelle bahalaledi bohle.


Tiisetsang thapelong, mme le e fadimehele ka teboho.


Iponeleng, hore e mong a se ke a haellwa ke mohau wa Modimo, monoko o mahloko o se ke wa le hlahela, wa tla wa le ferekanya, mme ba bangata ba senyeha ke wona.


Bofelo ba ntho tsohle bo haufi; le tsohe masene ke hona, mme le phele ka boitshwaro, le tle le tsebe ho rapela.


Le tsohe masene, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a dikadika jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.


Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme dihlong tsa hae di se ke tsa bonahala!


Lebela, mme o tiise ho sa setseng ho seng ho ya shwa; hobane ha ke a ka ka fihlela mesebetsi ya hao e phethehile pela Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ