Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 12:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Mongodi a re ho yena: Ke hantle, moruti; o boletse ka nnete ha o re: Modimo o mong, mme ha ho o mong haese wona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Setsebi sa Molao sa re ho yena: “O nepile, Moruti, o buile nnete ha o re, ‘Modimo o mong, ha ho e mong kantle ho yena,’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

32 Mongodi a re ho yena: Ke hantle, Moruti, o boletse nnete, hobane Modimo o mong; mme ha ho e mong haese yena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Mongodi a re ho yena: Ke hantle, Moruti, o boletse nnete, hobane Modimo o mong; mme ha ho e mong haese yena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 12:32
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le se ke la tshoha, le se tshabe! Na hase kgale ke o boleletse taba tseo, ka o tsebisa tsona na? Ke lona dipaki tsa ka! Na o teng Modimo, haese nna na? Ha ho lefika le leng; ha ke le tsebe.


Ho itswe ke Jehova: Ho tla tla ho wena maruo a Egepeta le tse hwebilweng tsa Ethiopia, le Basaba, banna ba ditopo di telele, mme e tla ba ba hao; ba tla o latela, ba tle ho wena ka mahlaahlela, ba kgumame pela hao, ba ithapelle ho wena, ba re: Efela Modimo o na le wena, o mong ha o yo; ha ho Modimo, haese wona.


Hobane Jehova, mmopi wa Mahodimo, Modimo o bopileng lefatshe, moetsi wa lona ya le tiisitseng, ya sa ka a le bopela lefeela, ya mpang a le bopetse hore le ahuwe, o bolela, o re: Ke nna Jehova, e mong ha a yo.


Hopolang diketso tsa pele tse etsahetseng kgale, hobane ke nna Modimo o matla, mme ha ho o mong; ke nna Modimo, mme ha ho ya jwaloka nna.


Jesu a mo araba, a re: Molao wa pele ho melao yohle ke o reng: Utlwa, Iseraele; Morena, Modimo wa rona, ke Morena a nnotshi,


mme ho o rata ka pelo yohle, le ka kgopolo yohle, le ka moya wohle, le ka matla wohle, le ho rata wa habo motho jwaloka ha motho a ithata, ho fetisa ditjheso le mahlabelo wohle.


Tseo o ile wa di bontshwa hore o tle o tsebe hobane Jehova, ke Modimo, le hobane ha ho o mong kantle ho yena.


Tseba kajeno lena, mme o boloke pelong ya hao hobane Jehova ke Modimo mahodimong a hodimo, le tlase lefatsheng; ha ho o mong kantle ho yena.


O se ke wa ba le medimo e meng pela sefahleho sa ka.


Utlwa, Iseraele! Modimo wa rona ke Jehova, Jehova a nnotshi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ