Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 10:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Empa Jesu a re ho bona: Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka tseba ho nwela senwelong seo ke tla nwela ho sona, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

38 Jesu a re ho bona: “Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka nwa senwelo seo ke se nwang, kapa le ho kolobetswa ka kolobetso eo nna ke kolobetswang ka yona?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

38 Jesu a re ho bona: Ha le tsebe seo le se kopang; le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

38 Jesu a re ho bona: Ha le tsebe seo le se kopang; le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 10:38
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena Salomone a araba mmae, a re: O qellelang Adonija Abishage wa Shuneme? Ha o mo qelle mmuso keng, hobane ke moholwane wa ka? O qelle yena le moprista Abiathare, le Joabe mora Tseruja!


Hobane mohope o letsohong la Jehova, veine e phophoma ho wona, e tletse ditswako; o tshela ka wona, mme banyefodi ba lefatshe ba tla nwa ho wona, ba be ba nwe le ditshifa.


Ho itswe ke Jehova, Morena wa hao le Modimo wa hao, ya pheteletsang tjhaba sa hae: Bona, ke tlosa mohope o tahisang letsohong la hao, mohope wa kgalefo ya ka; jwale, ha o sa tla hlola o nwela ho wona.


Hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, o mpoleletse, a re: Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo se letsohong la ka, o tle o se nose ditjhaba kaofela tseo ke o romelang ho tsona;


Mme wena, na o ka ipatlela boholo na? O se ke wa ipatlela jona, hobane bona, ke ya tlisa bobe hodima batho bohle, ho bolela Jehova; empa ke tla o nea bophelo ba hao, e be kgapo ya hao nqalong tsohle moo o ka yang teng.


A ntoo ya pejana, a wela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ekare ha ho ka etswa, ako fetisetse senwelo sena hole le nna? Empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho mpe ho etswe ya hao!


mme ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.


O ne a re: Abba, Ntate! tsohle o ka di etsa; tlosa senwelo sena pela ka; empa, ho se ke ha etswa seo nna ke se ratang, ho etswe seo wena o se ratang.


Ke na le kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona; mme ke e hlolohetswe hakakang, e be e phethehe!


a re: Ntate, hoja o ka rata ho suthisa senwelo sena pela ka! empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho etswe ya hao.


Yaba Jesu o re ho Petrose: Busetsa sabole ya hao selateng; na nke ke ka nwa senwelo seo ke se neilweng ke Ntate?


Hape, le wona Moya o re tlatsa mefokolong ya rona; hobane ha re tsebe seo re tshwanetseng ho se kopa ka tshwanelo; empa Moya wona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.


Le a kopa, mme ha le fuwe, kahobane le kopa hampe, ho nkela ditakatso tsa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ