Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Malakia 2:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Selekane sa ka le yena e be e le bophelo le kgotso, mme ke re, ke ne ke mo neile tsona hore a ntshabe; a fela a ntshaba, a ba a thothomela pela lebitso la ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 “Ke ne ke entse selekane le yena: Ka mo nea bophelo le kgotso; ka mo ruta ho ntlhompha, mme a fela a ntlhompha, a ntshaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Malakia 2:5
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane, wena Modimo, o utlwile dikano tsa ka, o nneile lefa la ba tshabang lebitso la hao.


Ya tsamayang ka bokgabane o tshaba Jehova; empa ya kgopamisang ditsela tsa hae, o a mo nyedisa.


Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso, ke etse hore dibatana di hlokahale lefatsheng; ba tla aha lefeelleng ba iketlile, ba robale merung.


Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso; e tla ba selekane se sa feleng le bona; ke tla ba tiisa, ke ba atise, mme ke tla bea sehalalelo sa ka hara bona ka ho sa feleng.


Yaba Finease, mora Eleasare, mora moprista Aarone, ha a bona hoo, a raoha hara phutheho; a tshwara lerumo letsohong la hae;


a latella monna wa Moiseraele tenteng ya hae, a ba hlaba ba babedi mpeng, monna wa Iseraele le mosadi. Yaba sewa se fela hara bana ba Iseraele.


O nke Balevi bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele, le dikgomo tsa Balevi bakeng sa dikgomo tsa bona, hore Balevi e be ba ka. Ke nna Jehova.


Kamora tseo, Balevi ba tla dumellwa ho etsa mosebetsi wa tente ya pokano. O tla ba hlwekisa, o ba hlahise e le kabelo e tsokotswang,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ