Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 23:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Batho ba ne ba eme ba tadimile; babusi le bona ba ne ba mo soma, ba re: O pholositse ba bang; ha a ipholose le yena, haele yena Kreste, mokgethwa wa Modimo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Batho ba ne ba eme ba tadimile. Le babusi ba ne ba mo phoqa, ba re: “O pholositse ba bang; haeba e le Kreste, mokgethwa wa Modimo, a ipholose!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

35 Mme batho ba ema ba tadimile. Babusi le bona ba mo soma, ba re: O pholositse ba bang; a ipholose, haeba e le Kreste, mokgethwa wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 Mme batho ba ema ba tadimile. Babusi le bona ba mo soma, ba re: O pholositse ba bang; a ipholose, haeba e le Kreste, mokgethwa wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 23:35
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Nka bala masapo a ka kaofela; bona, ba ntadima, ba kgodisa mahlo a bona ka nna.


Mme jwale, ha ke ewa, ba ye ba thabe; ba bokana hammoho, ba mpokanela ho nkotla, ke sa tsebe molato; ba ngahola ka maleme, ha ba kgutse.


Lona bana ba batho, kganya ya ka le tla e fetola sesomo, le rate bosawana, le tiise leshano ho le hokae na? (Sela.)


Hobane ba hlorisa eo o mo otlileng, ba rata ho bolela mahloko a bao o ba hlabileng.


ba hloyang moya wa ka ba rera hammoho, ba re: Modimo o mo tlohetse; mo phalleleng, le mo tshware; hobane ha a na mmoloki!


Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.


Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.


O nyatsitswe, a furallwa ke batho; ke motho wa mahloko, ya tsebang mahlomola, ya tshwanang le eo batho ba tshabang ho tadimana le yena; re mo nyatsitse, ha re a ka ra re letho ka yena.


Ke fetohile sesomo sa setjhaba sa ka kaofela, le pina ya sona tsatsi lohle.


Ke tla tshela moya wa mohau le wa merapelo hodima ntlo ya Juda le hodima baahi ba Jerusalema; mme ba tla tadima ho nna eo ba mo hlabileng. Ba tla mo llela, jwalokaha ho llelwa mora ya tswetsweng a nnotshi, ba hlomohe habohloko hodima hae, jwalokaha ho hlomohuwa hodima mora wa letsibolo.


Bonang mohlanka wa ka eo ke ikgethetseng yena, moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke tla bea Moya wa ka hodima hae, mme o tla bolella ditjhaba ho loka.


Mme ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


Bafarisi bao e leng ba ratang tjhelete haholo, le bona ba utlwa taba tseo kaofela; mme ba mo soma.


Jwale Pilato a bokella hammoho baprista ba baholo, le mahosana, le setjhaba;


Se seng sa disenyi tse thakgisitsweng se ne se mo soma le sona, se re: Ekare haele wena Kreste, o ipholose, le rona o re pholose.


Le tle ho yena, e leng lejwe le phelang, le neng le lahlilwe ke batho, athe ho Modimo ke le kgethilweng, la bohlokwa;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ