Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 26:46 - Sesotho 1909/1961 (SO)

46 Ke tseo ditaelo, le dikahlolo, le melao eo Jehova a e beileng pakeng tsa hae le bana ba Iseraele, thabeng ya Sinai, ka Moshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

46 Tsena ke ditaelo, le dikahlolo, le melao eo Modimo a neng a e etse pakeng tsa hae le bana ba Iseraele ka Moshe, a le thabeng ya Sinai.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 26:46
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wa tsamaisa setjhaba sa hao jwalokaha ho tsamaiswa dinku, ka letsoho la Moshe le la Aarone.


Jehova a bua le Moshe thabeng ya Sinai, a re:


Ke yona melao eo Jehova a e neileng bana ba Iseraele ka Moshe, thabeng ya Sinai.


oo Jehova a o laetseng Moshe, thabeng ya Sinai, ka letsatsi leo a laetseng bana ba Iseraele ho hlahisa dinyehelo tsa bona ho Jehova, feelleng la Sinai.


Aarone le bara ba hae ba etsa tsohle tseo Jehova a neng a di laetse ka Moshe.


Ke tsona ditaelo le melao eo Jehova a e laetseng bana ba Iseraele ka Moshe, mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko.


Ke bao ba ngodilweng ba matlo a Bakehathe bohle, ba sebetsang ka tenteng ya pokano, e leng bao Moshe le Aarone ba ba ngodileng ka taelo eo Jehova a e neileng Moshe.


Hobane molao o neilwe ka Moshe, mohau le nnete di hlahisitswe ka Jesu Kreste.


Ke ena melao le ditaelo tseo le tshwanetseng ho hlokomela ho etsa ka tsona ka matsatsi wohle a ho phela ha lona lefatsheng leo Jehova, Modimo wa bontatao, a o neang lona, hore o le rue.


Latelang Jehova, Modimo wa lona, le tshabe yena, le boloke ditaelo tsa hae, mme le utlwe lentswe la hae; le mo sebeletse, mme le mo kgomarele.


Dipolelo tsa selekane seo Jehova a laetseng Moshe ho se etsa le bana ba Iseraele, naheng ya Moabe, kantle ho selekane seo a neng a se entse le bona Horebe, ke tsena:


Moshe o re laetse molao, e leng lefa la phutheho ya Jakobo.


Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, kamoo Jehova, Modimo wa ka, a ntaetseng kateng, hore le tle le etse ka tsona lefatsheng leo le yang ho le rua.


Ke yona melao, le ditaelo, le dikahlolo, tseo Jehova, Modimo wa lona a ntaetseng ho le ruta tsona, hore le tle le etse ka tsona lefatseng leo le yang ho le rua;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ