Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 O tla bala dilemo tse supileng tsa diSabatha, o bale hasupa dilemo tse supileng, mme matsatsi a Disabatha tseo tse supileng e tla ba dilemo tse mashome a mane a metso e robileng mono o le mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 “ ‘O tla bala dilemo tse supileng tsa phomolo, e be dilemo tse supileng hasupa, e leng dilemo tsa mashome a mane a metso e robong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:8
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo wa phetha ka letsatsi la bosupa mosebetsi oo o o entseng; mme ka tsatsi la bosupa wa phomola mosebetsing wohle oo o o entseng.


se ithabisa kamehla ka lebitso la hao, se ithorisa ka ho loka ha hao.


Veke di mashome a supileng tse badilweng hodima setjhaba sa heno, le hodima motse wa heno o halalelang, ho kwalla bobe, le ho fedisa sebe, le ho phekola bokgopo, le ho hlahisa ho loka ho sa feleng, le ho tiisa pono le boporofeta, le ho tlotsa sehalaledisiso.


Ho tloha letsatsing le hlahlamang Sabatha, e leng letsatsi leo le tlisitseng ngata hore e tsokotswe, le tla bala veke tse supileng tse tletseng.


le tsa makgomo a hao, le tsa diphoofolo tse naheng ya hao. Ho beha hohle ha yona e tla ba dijo.


O tla letsa terompeta e mantswe a phepa ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome la kgwedi; ka letsatsi la dipheko, le tla letsa diterompeta naheng yohle ya lona.


Etlare ha Jubile e hlahela bana ba Iseraele, lefa la bona le tla ekeletswa ho la leloko leo ba nyetsweng ho lona, mme jwale lefa la bona le tla kgaolwa lefeng le leloko la bontata rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ