Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:55 - Sesotho 1909/1961 (SO)

55 Hobane Baiseraele ke bahlanka ba ka; ke bahlanka ba ka bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

55 Bana ba Iseraele ke bahlanka ba ka; ke bahlanka ba ka, bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:55
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho Jehova, ke mohlanka wa hao; ke mohlanka wa hao ka sebele, mora wa lekgabunyane la hao. O lokolotse ditlamo tsa ka.


Moshe a re ho setjhaba: Elellwang letsatsi lena leo le tswileng ka lona Egepeta, tlung ya bohlanka, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla; le se ke la ja se lomositsweng ka lona.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, Mohalaledi wa Iseraele, Molopolli wa hao; ke ntshitse Egepeta, hore e be topollo ya hao, ke ntshitse le Ethiopia le Seba bakeng sa hao.


Hobane ke bahlanka ba ka bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta; ho se ke ha rekwa ka bona jwalokaha ho rekwa ka makgoba.


Ekare ha a sa rekollwe ka mokgwa oo, o tla tswa ka selemo sa Jubile, yena le bana ba hae.


Le se ke la iketsetsa medimo ya lefeela; le se ke la ikemisetsa setshwantsho se betlilweng sa lehong, leha e le sa lejwe; le se ke la emisa ditshwantsho tse jwalo naheng ya lona, ho di kgumamela, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Hobane sebe se ke ke sa le busa, kahobane ha le pusong ya molao, empa le le pusong ya mohau.


Empa jwale, ha le holotswe sebeng, mme le fetohile bahlanka ba Modimo, le ikotulela kgalalelo, mme bofello ke bophelo bo sa feleng.


Hobane leha ke le ya sa ruwang ke motho, ke ikentse mohlanka wa bohle, ke tle ke rue ba bangata.


ho ba seng katlasa molao, ke ikentse ya seng katlasa molao, leha ke se ya se nang molao ka nqa ho Modimo, athe ke molaong wa Kreste, ke tle ke rue ba seng katlasa molao;


Haele lona, banabeso, le bileditswe ho lokoloha, empa feela le se ke la etsa tokoloho eo sebaka sa ho phela ka nama, le mpe le sebeletsane ka baka la lerato.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ