Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:50 - Sesotho 1909/1961 (SO)

50 O tla bala le moreki wa hae, a qale ka selemo seo a ithekisitseng ka sona, ho isa selemong sa Jubile; tjhelete ya thekollo e tla lekanngwa ka palo ya dilemo: dilemo di balwe jwaloka tsa motho ya lefjwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

50 Eo o tla rerisana le ya mo rekileng, ba bale nako ho tloha selemong seo a ithekisitseng ka sona, ho ya fihla selemong sa mokete wa tokoloho, mme tjhelete ya topollo e lekane le palo ya dilemo, e balwe ho ya ka tjhelete e lefuwang mohiruwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:50
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o tlose mahlo a hao ho yena, o mo fe sebaka, hore a tle a be a thabe jwaloka ya thotsweng, ha a thabela letsatsi leo a le sebeditseng.


Mme jwale, Jehova o a bua, o re: Ho tla feta dilemo tse tharo, tse kang dilemo tsa motho ya thotsweng; mme kganya ya Moabe e tla fela, bongata bo boholo ba hae bo fele; ho tla siuwa ba se ba kae, e seng ba bangata.


Hobane Morena o itse ho nna: Ho sa setse selemo se le seng, se kang selemo sa ya sebeletsang leruo, mme kganya yohle ya Kedare e tla fela.


Empa ha a sitwa ho phetha seo a ka se busetsang ho yena, seo a se rekisitseng se tla dula matsohong a ya se rekileng, ho isa selemong sa Jubile, e be hona eo a tswang, le yane a kgutlelang lefeng la hae.


empa o tla dula ho wena jwaloka mohlanka, kapa moeti; o tla dula tshebeletsong ya hao ho isa selemong sa Jubile.


kapa ngwanabo ntatae, kapa mora wa ngwanabo ntatae, kapa e mong wa mofuta wa hae ya haufi le yena ho tswalweng; kapa ha a na le matla, a ke a ithekolle e le yena.


Ekare ha ho setse dilemo tse ngata, o tla lefa thekollo ya hae ka ho e bapisa le palo ya dilemo tseo, le ka tekanyo eo a neng a ruilwe ka yona;


O tla dula ho yena jwaloka motho ya lefjwang. A ke ke a mmusa ka thata mahlong a hao.


E se ke ya eba taba e bohloko ho wena ho mo lokolla feela hore a tle a tlohe ho wena; hobane o o sebeleditse ka dilemo tse tsheletseng, e le ya loketsweng ke moputso wa mohlanka habedi; mme Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa ho tsohle tse o di etsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ