Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:47 - Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Etlare ha moditjhaba, ya ahileng ha eno, a ka rua, mme ngwaneno a fumaneha pela hae, mme a ithekisa ho moditjhaba ya ikahetseng ha eno, leha e le ho setloholo sa moditjhaba,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

47 “ ‘Ha moditjhaba kapa mojaki ya ahelaneng le wena a rua, eba ngwaneno ya pela hae o a futsaneha, mme o ithekisa ho moditjhaba kapa mojaki eo ya ahelaneng le wena, kapa o ithekisa ho setloholo sa lelapa la moditjhaba eo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:47
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Teng, ka re ho bona: Re lopolotse banababo rona ba Bajuda, ba neng ba rekisitswe ditjhabeng, ka seo re neng re na le sona; mme ke lona kajeno le yang ho rekisa ka banababo lona! Hape, le re, ba ya ithekisa ho rona na? Yaba ba kgutsa, ba sa fumane taba eo ba ka fetolang ka yona.


Ekare ha ngwaneno ya fumanehileng a ka rekisa ka fapha le leng la naha ya hae, eo e leng wa habo ka ho tswalwa, ya nang le tokelo ya ho rekolla, ha e be yena ya rekollang se rekisitsweng ke ngwanabo.


Ekare ha e mong a se na motho ya nang le tokelo ya ho rekolla, empa a ipatletse e le yena seo a ka rekollang ka sona, o tla bala dilemo, ho tloha mohla ba rekaneng;


le tla ba siya ka mokgwa wa lefa ho bara ba lona kamora lona, e be leruo; le tla ba boloka ka ho sa feleng tshebeletsong ya lona jwaloka makgoba. Empa haele ka banababo lona, e leng bana ba Iseraele, ho se be motho ya busang ka thata hodima ngwanabo.


thekollo ya hae e ka etswa; e mong wa banababo a ka mo rekolla,


Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ