Jwale, le rerile hore le tla ithuela bana ba Juda le ba Jerusalema hore e be makgoba a lona a matona le a matshehadi! Ana ha le molato ho Jehova, Modimo wa lona, le lona na?
Empa babelehisi ba ne ba tshaba Modimo, mme ha ba ka ba etsa kamoo morena wa Egepeta a neng a ba laetse kateng, empa ba tlohela bashanyana hore ba phele.
Ditshiu tse ngata ha di fetile, morena wa Baegepeta a shwa. Haele bana ba Iseraele, ba ne ba ntse ba dumaela ka baka la ho tubeha ha bona, ba meketsa, mme ho meketsa ha bona ha fihla ho Modimo, kamoo ba tubehang kateng.
Jehova a re: Ke bone, ke bontshisitse ho tshwenyeha ha tjhaba sa ka Egepeta; ke utlwile ho meketsa ha bona bakeng sa batubi ba bona, hobane ke tseba mahlomola a bona.
Ba shapa balaedi ba bana ba Iseraele, ba beilweng hodima bona ke bahlahlobi ba Faro, ba re: Ke ka baka lang ha le sa ka la phetha mosebetsi wa lona wa ho etsa setene maobane le kajeno jwaloka pele?
Ke na be ke halefetse setjhaba sa ka, ke na be ke sentse lefa la ka, ke na be ke ba neetse matsohong a hao; empa ha o a ka wa ba hauhela le hanyenyane, wa bea joko e fetisang ka boima hodima leqheku.
Ba re: Na re itimelang dijo, ha o sa re bone? Re hlokofaletsang meya ya rona, ha o sa hlokomele teng na? Bonang, ka letsatsi la lona la ho itima dijo le mathela mesebetsing ya lona, mme le hlorisa bohle ba le sebeletsang.
Dinku tse tepeletseng ha le di natlafatse; e kulang ha le e phekole; le e leqeba ha le e tlamelle; ha le late e kgelohileng, leha e le ho batla e lahlehileng; le mpa le di busa ka thata le ka sehlooho.
Mohlanka e motona, leha e le e motshehadi, bao o tla ba rua, o tla ba nka ditjhabeng tse le kopileng; le ka ithekela ho tsona bahlanka ba batona le ba batshehadi.
le tla ba siya ka mokgwa wa lefa ho bara ba lona kamora lona, e be leruo; le tla ba boloka ka ho sa feleng tshebeletsong ya lona jwaloka makgoba. Empa haele ka banababo lona, e leng bana ba Iseraele, ho se be motho ya busang ka thata hodima ngwanabo.
Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.
Le lona benghadi, le ba etse jwalo, mme le tlohele ho ba sokela, ka ho tseba hobane le wa lona Morena o teng mahodimong, le hobane ha a re letho ka tshobotsi ya motho.
Kamoo ba o kgahlanyeditseng kateng tseleng, ba lwantsha masala a hao, ba bolaya bohle ba hao ba setseng morao ke ho fokola, ha o ne o tepeletse, o kgathetse; mme ha ba ka ba tshaba Modimo.