Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Ekare ha ngwaneno a fumaneha pela hao, mme a ithekisa ho wena, o se ke wa mo sebedisa ka tshebetso ya lekgoba,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

39 “ ‘Ha ngwaneno a futsaneha, mme a ithekisa ho wena, o se ke wa mo sebedisa jwaloka lekgoba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:39
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Salomone a mpa a se ke a kgetha makgoba hara bana ba Iseraele; ya eba bahlabani, le bahlanka ba hae, le matona a hae, le balaodi ba makgotla a hae, le batsamaisi ba makoloi a hae, le bakalli ba hae.


Yaba mosadi e mong, wa basadi ba bara ba baporofeta, o lla ho Elisha, a re: Mohlanka wa hao, monna wa ka, o timetse; o a tseba hobane mohlanka wa hao o ne a tshaba Jehova; jwale monna eo re leng molato ho yena o tlile ho nka bara ba ka ba babedi, hore a ba etse bafo.


Jwale, le rerile hore le tla ithuela bana ba Juda le ba Jerusalema hore e be makgoba a lona a matona le a matshehadi! Ana ha le molato ho Jehova, Modimo wa lona, le lona na?


Athe mmele ya rona e ka mmele ya banababo rona, bana ba rona e ka bana ba bona; leha ho le jwalo, rona, e ka kgona re ise bara ba rona le baradi ba rona bokgobeng; esita le jwale, baradi ba bang ba rona e se e le makgoba; re hloka matla a ho ithusa bakeng seo, kahobane masimo a rona le merara ya rona e se e le ya ba bang.


ba ba sulafaletsa bophelo ba bona ka mosebetsi o boima wa seretse le wa setene, le ka mesebetsi yohle ya masimo, mosebetsi oo, wohle wa bona ba ne ba ba sebedisa wona ka ho ba tuba.


Etlare hobane o reke lekgoba la Moheberu, le tla o sebeletsa ka lemo tse tsheletseng; ka sa bosupa, le tla tswa feela, le sa lefe letho.


Ekare ha letsatsi le ne le tjhabile, molato wa madi o tla ba teng; haele leshodu, le tla lefa ka tefo e shwetseng; ha le se na letho, ho tla rekiswa ka lona ho lefella kutso ya lona.


Hobane le bona ba tla bewa katlasa ditjhaba tse kgolo le mebuso e meholo, mme ke tla busetsa ho bona ka diketso tsa bona le ka mosebetsi wa matsoho a bona.


Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, yena, le mora wa hae, le setloholo sa hae, ho fihlela mohla nako ya lefatshe la hae le lona e hlahang ya ho kokobetswa ke ditjhaba tse ngata le ke mebuso e meholo.


Tsatsing lona leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla robakanya joko molaleng wa hao, ke kgaole marapo a hao; ba ditjhaba ha ba sa tla mo rua.


Ho feleng ha dilemo tse supileng, le ke le lesele e mong le e mong ngwanabo wa Moheberu ya ithekisitseng ho lona; a ne a le sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng, le ntoo mo lesela a ikele; empa bontata lona ha ba ka ba nkutlwa, ha ba ka ba sekeha tsebe.


Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, ha morena Tsedekia a ne a se a entse selekane le setjhaba kaofela se leng Jerusalema, hore ba bolele tokollo;


hore e mong le e mong a lesele mofo wa hae, e mong le e mong a lesele lekgabunyane la hae, e leng Baheberu, e motona le e motshehadi, hore ba ikele; hore ho tle ho se ke ha hlola ho eba Mojuda ya ruileng ngwanabo.


le tla ba siya ka mokgwa wa lefa ho bara ba lona kamora lona, e be leruo; le tla ba boloka ka ho sa feleng tshebeletsong ya lona jwaloka makgoba. Empa haele ka banababo lona, e leng bana ba Iseraele, ho se be motho ya busang ka thata hodima ngwanabo.


mme kahobane a hlokile seo a ka lefang ka sona, morena wa hae a laela, a re, ho rekiswe ka yena, le ka mosadi wa hae, le ka bana, le ka tsohle tseo a nang le tsona, molato o tle o phethwe jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ