Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 O se ke wa mo ja ka katiso, o se ke wa rua ka yena; o tshabe Modimo wa hao, ngwaneno a tle a phele ha eno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 O se ke wa mmatla tswala kapa phaello, o mpe o tshabe Modimo wa hao, ngwaneno a tle a phele le wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:36
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Athe babusisi ba pele, ba nnileng ba eba teng pele ho nna ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka bohobe le veine ho sona, ba nka le dishekele tse mashome a mane tsa silefera; hape, bahlanka ba bona ba ne ba busa ka thata hodima setjhaba; empa nna, ha ke a ka ka etsa jwalo ka baka la ho tshaba Modimo.


Ba bang ba ne ba re: Rona, e ka kgona re etse masimo a rona le merara ya rona le matlo a rona ditebeletso; re neeng koro ka baka la tlala ena.


ha a adime tjhelete ya hae ka phahello, ha a amohele mpho ho tswa ya se nang molato. Ya etsang jwalo, a ke ke a sisinyeha le ka ho sa yeng kae.


bohale ba ka bo tla tuka, mme ke tla le bolaya ka lerumo, basadi ba lona e be bahlolohadi, le bana ba lona e be dikgutsana.


Leha o adima e mong wa setjhaba sa ka tjhelete, kapa e leng mofutsana ya leng ha hao, o se ke wa mo etsa kamoo ho ka etsang ya adimelang phaello kateng; o se ke wa mo tlamela phaello.


Ya atisang leruo la hae ka bokgonatha le ka phahello, o bokellela motho ya tla hauhela basenyehi.


Ho tla ba ho moprista jwalokaha ho tla ba ho batho feela, monghadi o tla ba jwaloka mohlanka, mofumahadi jwaloka lekgabunyane la hae, morekisi jwaloka meroki, ya adimang jwaloka eo ho adingwang ho yena, monami jwaloka ya nametsweng.


Ho madimabe nna, mme, ha o ntswetse ke le motho ya kgang le wa tseko ho lefatshe lena lohle; ha ke a ka ka adima letho, mme ha ke a ka ka adingwa letho; leha ho le jwalo, ba nthohaka kaofela.


a adima ka phahello, a nka katiso, na o tla phela na? Ha a ka ke a phela; o entse manyala ao wohle, a fele a bolawe, madi a hae a be hodima hae!


a sa etse mohlomohi ka matla, a sa nke phahello leha e le katiso, a etsa ka ditaelo tsa ka, a tsamaya ka dikomelo tsa ka; eo a ke ke a shwa ka bokgopo ba ntatae, o fela a tla phela.


ha a sa adime ka phahello, a sa nke katiso ha a ntsha letsoho la hae bokgopong, leha a ahlolela batho ba tlisaneng nyeweng ka tshwanelo,


Ha hao, ho amohelwa dimpho hore ho tle ho tshollwe madi; o nka phahello le katiso, o ntshisa ya heno tjhelete ka ho mo tuba, o ntse o ntebala, ho bolela Morena Jehova.


Ho se ke ha eba e mong hara lona ya jang wa habo; o tshabe Modimo wa hao, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


O se ke wa mo adima tjhelete ya hao ka ho batla katiso, leha e le tse jewang tsa hao ka ho bitsa ka ho fetisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ