Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Empa ha a sitwa ho phetha seo a ka se busetsang ho yena, seo a se rekisitseng se tla dula matsohong a ya se rekileng, ho isa selemong sa Jubile, e be hona eo a tswang, le yane a kgutlelang lefeng la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Haeba a sitwa ho mo lefa hore a tle a boellwe ke naha, naha eo e tla nne e be ya ya e rekileng, ho fihlela selemo se tlang sa mokete wa tokoloho. Ka selemo sa mokete wa tokoloho, naha eo e tla kgutlela ho monga yona wa pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:28
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ho sa tla rekwa matlo, le masimo, le masimo a merara lefatsheng lena.


Le tla halaletsa jwalo selemo sa mashome a mahlano, mme le tla tumisa tokoloho naheng ya lona ho baahi ba yona kaofela; e tla ba Jubile ho lona. E mong le e mong wa lona o tla kgutlela lefeng la hae, e mong le e mong a kgutlele mofuteng wa hae.


Ka selemo seo sa Jubile, e mong le e mong o tla kgutlela lefeng la hae.


Ekare ha e mong a reka ka ntlo e hahilweng motseng o dikilweng ka marako, thekollo ya yona e ka etswa selemo se eso ho fele seo ho rekanweng ka sona; tokelo ya hae ya ho rekolla ke ya lemo se le seng feela.


Empa ntlo eo e ka motseng o dikilweng ka marako, ha e sa rekollwe, selemo se eso ho fele, e tla dula kamehla ho ya e rekileng, ho isa ditloholong tsa hae; e ke ke ya tswa ho yena le ka Jubile.


O tla tswa ho wena, yena le bana ba hae, mme o tla kgutlela mofuteng wa hae, le lefeng la bontatae.


Ka selemo sa Jubile, tshimo e tla kgutlela ho eo a neng a itheketse yona ho yena, ho eo naha e leng ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ