Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ekare ha ngwaneno ya fumanehileng a ka rekisa ka fapha le leng la naha ya hae, eo e leng wa habo ka ho tswalwa, ya nang le tokelo ya ho rekolla, ha e be yena ya rekollang se rekisitsweng ke ngwanabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 “ ‘Ha ngwaneno a futsaneha, mme a rekisa karolo ya lefa la hae, wa habo, ya tswalanang le yena, o tla lopolla seo ngwanabo a se rekisitseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:25
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Naheng yohle eo le e ruileng, le tla nea motho tokelo ya ho rekolla tshimo ya hae.


Ekare ha e mong a se na motho ya nang le tokelo ya ho rekolla, empa a ipatletse e le yena seo a ka rekollang ka sona, o tla bala dilemo, ho tloha mohla ba rekaneng;


Etlare ha moditjhaba, ya ahileng ha eno, a ka rua, mme ngwaneno a fumaneha pela hae, mme a ithekisa ho moditjhaba ya ikahetseng ha eno, leha e le ho setloholo sa moditjhaba,


Ekare ha e mong a kgethela Jehova tshimo eo a itheketseng yona, e se tshimo ya masimo a lefa la hae,


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;


Naomi a re ho ngwetsi ya hae: A ke a hlohonolofatswe ke Jehova, ya sa kang a tima ba phelang le ba shweleng lereko la hae! Naomi a eketsa a re ho yena: Monna eo ke wa mofuta wa heso, efela ke wa habo rona.


Jwale, ke fela ke le wa heno, empa monna e mong o teng eo e leng wa heno ho fetisa nna.


Ha ke re jwale, Boase eo o kileng wa sebetsa le barwetsana ba hae ke wa heso na? Bona, bosiung bona, o ya olosa harese seotlong.


A re: O mang na? Yena a re: Ke nna Ruthe, lekgabunyane la hao; o ale moleka wa kobo ya hao, hodima lekgabunyane la hao, etswe o le wa heso.


A ntoo re ho wa habo Ruthe: Naomi, ya kgutlileng naheng ya Moabe, o reka ka koto se seng sa tshimo eo e neng e le ya Elimeleke, ngwanabo rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ