Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Naheng yohle eo le e ruileng, le tla nea motho tokelo ya ho rekolla tshimo ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Naheng yohle eo e leng lefa la lona, le tla dumella hore naha e rekilweng e boelane le monga yona ka ho buseletsa ya e rekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:24
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bona, Hanameele, mora Shallume, ngwanabo ntatao, o ya tla ho wena, a re: Ithekele tshimo ya ka e Anathothe, hobane ke wena ya nang le tokelo ya topollo ho e reka.


Hobane morekisi ha a ka ke a boela a rua seo a rekisitseng ka sona, esita le hoja a ka nna a phela le ba phelang, hobane pono e hlollang e hlahileng bakeng sa letshwele lohle la bona e ke ke ya kgutliswa, mme motho ya phelang ka bokgopo a ke ke a tiya.


Masimo a se ke a rekiswa ka ho ela ruri, hobane naha ke ya ka, etswe lona le le baditjhaba, le ba ikaheletseng ha ka.


Ekare ha ngwaneno ya fumanehileng a ka rekisa ka fapha le leng la naha ya hae, eo e leng wa habo ka ho tswalwa, ya nang le tokelo ya ho rekolla, ha e be yena ya rekollang se rekisitsweng ke ngwanabo.


se setseng sa theko, a se busetse ho eo a neng a rekane le yena, mme o tla kgutlela lefeng la hae.


Empa matlo a metse e sa dikwang ka marako, a tla tadingwa jwaloka masimo; a ka rekollwa, mme ba a rekileng ba tla tswa ho wona ka Jubile.


Mme hase tsona di nnotshi, empa le rona re nang le dithakangwaha tsa Moya, e, le rona re fehelwa kahare ho rona, re lebeletse ho bewa bana, e leng topollo ya mmele ya rona.


Mme ke ka wona lona le leng ho Jesu Kreste, ya entsweng ke Modimo bohlale ba rona, le ho loka ha rona, le kgalalelo ya rona, le topollo ya rona:


e leng wona tebeletso ya lefa la rona, ho tle ho lopollwe bao Modimo o ithuetseng bona, e be thoriso ya kganya ya wona.


Ke ka ho yena re nang le topollo ka madi a hae, ke ho re, tshwarelo ya ditshito, ka monono wa mohau wa hae,


Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo le tshwaetsweng letsatsi la topollo ke wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ