Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 bonang, ke tla le hlohonolofatsa ka selemo sa botshelela, se tle se le hlahisetse dijo tse lekanang dilemo tse tharo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 ka selemo sa botshelela ke tla le hlohonolofatsa, mme le tla tjhaya dijo tse lekaneng dilemo tse tharo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:21
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Isaaka a lema naheng eo, a kotula ha lekgolo ka selemo seo; mme Jehova a mo fa lehlohonolo.


Ka dilemo tse supileng tsa nala, lefatshe la bea ka ho fetisisa.


Ho jwaloka phoka ya Hermone, e theohelang dithabaneng tsa Sione, hobane ke moo Jehova a laeletseng hlohonolofatso le bophelo ka ho sa feleng.


Bonang, haele mona Jehova a le neile Sabatha, ke ka baka leo a le neang bohobe jwa matsatsi a mabedi ka tsatsi la botshelela; e mong le e mong a ke a dule ha hae, mme ho se ke ha eba le motho ya tswang ha hae ka tsatsi la bosupa.


Etla nne ere ka tsatsi la botshelela, ba bokelle habedi ho lekanang tsatsi le leng le le leng.


Lehlohonolo la Jehova le entsha motho, hase mokgathala wa hae o mo ekeletsang leruo.


Bona le ba ka mathoko ho leralla la ka, ke tla ba etsetsa hlohonolofatso; ke tla nesa pula ka nako ya yona; dikgohola di tla ba teng tsa mahlohonolo.


Empa selemo sa bosupa e tla ba Sabatha le phomolo, Sabatha e hlomphang Jehova; ka selemo seo o se ke wa jala letho tshimong ya hao; o se ke wa hlaola merara ya hao ka sona.


Empa ditholwana tsa Sabatha ya masimo e tla ba dijo tsa lona, tsa hao le tsa mohlanka wa hao e motona, le tsa e motshehadi, le tsa lekgoba la hao, le tsa moditjhaba ya ikahetseng ha eno,


Ya baballang mojadi ka peo, le motho ka bohobe a tle a je, o tla le sitsa, mme a le atisetse se jalwang ke lona, mme a totise ditholwana tsa ho loka ka ho lona;


O tla hlohonolofatswa motseng, o hlohonolofatswe masimong.


Jehova o tla laela hlohonolofatso hore e be le wena medikong ya hao, le mererong yohle eo o tla kenya letsoho la hao ho yona; o tla o hlohonolofatsa lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ