Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Naha e tla beha ditholwana tsa yona; le tla ja, le be le kgore, mme le tla aha ho yona ka boiketlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Naha e tla beha ditholwana tsa yona, le je, le kgore, mme le phele ka boiketlo ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:19
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bona, ke hopotse ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo, jwalokaha Jehova a boleletse ntate Davida, a re ho yena: Mora wa hao eo ke tla mmea teroneng ya hao tulong tsa hao, ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo.


Lefatshe le medisitse dijo tsa lona. Modimo, Modimo wa rona, o tla re hlohonolofatsa!


Efela, Jehova o tla nea lehlohonolo, naha ya rona e ntshe ditholwana tsa yona.


Empa haele ya nkutlwang, yena o tla ikahela ka kgotso, a se na ho tsoha kotsi.


Ha le rata ho utlwa, le tla ja monono wa lefatshe;


Mohlang oo, o tla nesetsa dijalo tseo le tla di lema masimong, bohobe ba hlaku tse medisitsweng ke mobu e tla ba bo nonneng, bo kgorisang; mehleng eo, mehlape ya lona e tla fula makgulong a ahlamileng.


ke tla atisa ditholwana tsa difate, le se melang masimong, hore le se ke la hlola le jara sekgobo sa tlala hara ditjhaba.


Diotlo di tla tlala koro, ho kgaphatsehe dinkgo tse tletseng veine le oli;


Le tla ja, le be le kgore; le tla rorisa lebitso la Jehova, Modimo wa lona, ya le etseditseng tse hlollang, mme setjhaba sa ka se ke ke sa hlola se hlajwa ke dihlong le ka mohla o le mong.


Le phethe melao ya ka, le boloke ditaelo tsa ka; le fele le di etse, mme le tla aha naheng ya lona ka boiketlo.


Empa ha le ka re: Re tla jang ka selemo sa bosupa, ha re sa jale, mme re sa kotule letho?


ke tla le fa dipula ka nako ya tsona; lefatshe le tla hlahisa dijo tsa lona, mme difate tsa naha di tla beha ditholwana tsa tsona.


Nako ya ho pola e tla fihlelana le ya kotulo ya merara, mme kotulo ya merara e tla fihlelana le nako ya ho jala. Le tla ja bohobe ba lona, le be le khore, mme le tla aha naheng ya lona ka boiketlo.


Ke tla etsa kgotso naheng ya lona; le tla robala ho se motho ya le tsosang; ke tla fedisa dibatana tse harolang, mme lerumo le ke ke la feta ka naha ya lona.


Empa le se le tla tshela Jordane, mme le tla aha lefatsheng leo Jehova, Modimo wa lona, a le fang lona, e be lefa la lona; o tla le nea phomolo ka ho le namolela direng tsa lona tsohle tse ka mathokong a lona, mme le tla aha le iketlile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ