Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 25:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Le tla halaletsa jwalo selemo sa mashome a mahlano, mme le tla tumisa tokoloho naheng ya lona ho baahi ba yona kaofela; e tla ba Jubile ho lona. E mong le e mong wa lona o tla kgutlela lefeng la hae, e mong le e mong a kgutlele mofuteng wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Le tla halaletsa selemo sa mashome a mahlano, mme le phatlalatse hara naha yohle hore baahi bohle ba yona ba lokolohile. Selemo seo e tla ba sa lona sa mokete wa tokoloho. Motho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae, e mong le e mong a kgutlele ho ba habo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 25:10
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hara lona mang le mang eo e leng motho wa setjhaba sa hae, Modimo wa hae o ke o be le yena, mme a nyolohele Jerusalema naheng ya Juda, mme a hahe ntlo ya Jehova, Modimo wa Iseraele; ke wona Modimo o leng Jerusalema.


O ahlolela ba tujwang, o fa ya lapileng bohobe. Jehova o lokolla batshwaruwa;


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


o tle o re ho ba kgolehong: Tswang! le ho ba dutseng lefifing: Hlahang! Ba tla fumana dijo tseleng, le makgulo maralleng wohle.


Hobane letsatsi la tefetso le teng pelong ya ka, ngwaha wa balopollwa ba ka o se o tlile.


Mme ha dumela baholo kaofela le setjhaba kaofela ho kena selekaneng sa ho lesela e mong le e mong mofo wa hae, e mong le e mong lekgabunyane la hae, hore ba ikele, ho se be ya ka hlolang a ba rua; ba dumela teng, ba ba lesela.


Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, ha morena Tsedekia a ne a se a entse selekane le setjhaba kaofela se leng Jerusalema, hore ba bolele tokollo;


Empa ha a etsa neo ka ntho e nngwe ya lefa la hae ho e mong wa bafo ba hae, e tla ba ya hae mofo ho isa selemong sa tokoloho, e ntoo kgutlela ho morena. Lefa la hae ke la bara ba hae ba nnotshi.


Selemo seo sa mashome a mahlano e tla ba Jubile ho lona; le se ke la jala, le se ke la kotula matshwabodi a sona, le se ke la kga merara e sa kang ya hlaolwa.


Ka selemo seo sa Jubile, e mong le e mong o tla kgutlela lefeng la hae.


O tla tswa ho wena, yena le bana ba hae, mme o tla kgutlela mofuteng wa hae, le lefeng la bontatae.


Ekare ha a sa rekollwe ka mokgwa oo, o tla tswa ka selemo sa Jubile, yena le bana ba hae.


ya hore, ha re lwetswe matsohong a bao e leng dira ho rona, re mo sebeletse, re sa tshabe letho,


Mme Morena ke Moya; mme moo Moya wa Morena o leng teng, tokoloho e teng.


hobane Agare ke Sinai, thaba ya Arabia — mme o tshwantsha le Jerusalema wa jwale; mme ke ya tlamilweng, le bana ba hae.


Haele lona, banabeso, le bileditswe ho lokoloha, empa feela le se ke la etsa tokoloho eo sebaka sa ho phela ka nama, le mpe le sebeletsane ka baka la lerato.


Etsang ka mokgwa o tshwanelang balokolohi, e seng ka ho etsa bolokolohi ba lona tshireletso ya bobe, le mpe le ipee bahlanka ba Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ