Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 24:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Le tla ahlola moditjhaba le ya tswaletsweng hae ka molao o le mong, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Le tla ba le molao o le mong o ahlolang mojaki le letswallwa la naha ka ho tshwana, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 24:22
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Molao o tla ba mong ho ya tswaletsweng hae, le ho moditjhaba ya jakileng ho lona.


Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng hara lona, a ka ja madi afe le afe, ke tla tjamela motho eo ya jang madi, ke mo tlose hara setjhaba sa habo.


le etse moditjhaba jwalokaha le etsa ya tswaletsweng ha habo lona, mme le mo rate jwalokaha le ithata, hobane le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Moshe a bua le bana ba Iseraele; yaba ba ntshetsa monyefodi kantle ho diahelo, ba mo tlepetsa. Bana ba Iseraele ba ya ka taelo eo Moshe a e neilweng ke Jehova.


Le tle le be le molao o le mong bakeng sa ya ka sitwang ka ho se tsebe, kapa ke ya tswetsweng hara bana ba Iseraele, kapa ke moditjhaba ya aheletseng hara lona.


Ha moditjhaba, ya ahileng le lona, a etsa Paseka ya Jehova, o tla e etsa ka taelo ya Paseka le ka molao wa yona. Ho tla ba molao o le mong bakeng sa lona, bakeng sa moditjhaba, le ya tswaletsweng ha eno.


Mohlang oo, ka laela baahlodi ba lona, ka re: Mamelang ditaba tsa banababo lona, mme le ahlolele ka ho loka motho le ngwanabo, le moditjhaba ya ahileng le lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ