Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 24:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ekare ha e mong a hlahisetsa wa habo kotsi, o tla etswa seo a se entseng ngwanabo:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 “ ‘Ha motho a holofatsa wa habo, le yena a holofatswe jwalokaha a entse;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 24:19
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ekare ha kotsi e hlahile, o tla lefa bophelo ka bophelo,


leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, leoto ka leoto,


tlabolo ka tlabolo, leqeba ka leqeba, letetetso ka letetetso.


Mang le mang ya bolayang kgomo, o tla bea e nngwe sebakeng sa yona: bophelo bo lefjwe ka bophelo.


thobeho e lefjwe ka thobeho, leihlo ka leihlo, leino ka leino; kotsi eo a sentseng motho ka yona, le yena o tla etsetswa yona.


Le utlwile hoba ho boletswe, ha thwe: Leihlo le phetetswe ka leihlo, leino ka leino.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.


Mahlo a hao a se ke a mo qenehela; bophelo bo lefuwe ka bophelo, leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, le leoto ka leoto.


Yaba Adoni-Beseke o re: Marena a mashome a supileng a pomilweng menwana e metona ya matsoho le ya maoto, a ne a thola makumane katlasa tafole ya ka. Modimo o buseditse ho nna seo ke se entseng. Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ