Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 23:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ha le se le kotutse dijo tsa naha, le tla etsetsa Jehova mokete ka matsatsi a supileng. Le tla phomola ka letsatsi la pele, le be le phomole le ka letsatsi la boroba meno e le mmedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

39 “ ‘Empa ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ha le se le bokeletse dijo masimong, le tla keteka mokete wa Morena ka matsatsi a supileng. Letsatsi la pele e tla ba la phomolo, le letsatsi la borobedi e tla ba la phomolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 23:39
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O boloke mokete wa kotulo, e leng dilopotsiya tsa mosebetsi wa hao, tsa tseo o nong o di jadile masimong: o boloke le mokete wa kotulo, ha ho fela selemo, e leng mohla o bokellang mofufutso wa mosebetsi wa hao masimong.


Bolella bana ba Iseraele, o re: Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi le qalang kgwedi, letsatsi la phomolo le tla ba teng, leo le tla le tsebiswa ka moletso wa diterompeta, mme phutheho e halalelang e tla ba teng.


Bolella bana ba Iseraele, o re: Ho tloha letsatsing la leshome le metso e mehlano la kgwedi eo ya bosupa, ho tla etsetswa Jehova ka matsatsi a supileng mokete wa Metlotlwane.


Ka matsatsi a supileng le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjhesitsweng ka mollo. Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, le tla ba le phutheho e halalelang; le tla hlahisetsa Jehova sehlabelo se tjheswang ka mollo; e tla ba phutheho e phahameng; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong.


Hape, le boloke Disabatha tsa Jehova, mme le nne le hlahisetse Jehova dineo tsa lona, le mahlabelo wohle a ho phetha dikano tsa lona, le dinyehelo tsohle tsa lona tsa boithatelo.


Ka letsatsi la pele, le tla inkela ditholwana tsa difate tse ntle, le makala a dipalema, le mahlaku a matenya a difate le a meduwane ya noka, mme le tla ithabela pela Jehova, Modimo wa lona, ka matsatsi a supileng.


Ha o se o bokeletse hae tsa diotlo le tsa dihatelo tsa hao, o tla etsa mokete wa metlotlwane ka matsatsi a supileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ