Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 23:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ka letsatsi la leshome la kgwedi eo ya bosupa, e tla ba letsatsi la dipheko; le ke le be le phutheho e halalelang ka lona, mme le hlomole meya ya lona, mme le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 “Letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, ke letsatsi la tefelo ya sebe, mme le tla ba le phutheho e halalelang. Le tla itima dijo, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 23:27
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare re sa le nokeng ya Ahava, ka bolela tsatsi la ho itima dijo, re tle re ikokobetse pela Modimo wa rona, hore re ikopele ho wona leeto le letle la rona, le la bana ba rona, le la ntho tsohle tsa rona.


Athe nna, malwetseng a bona ka itlama ka lesela le mahwashe, ka itlhokofatsa ka ho itima dijo, ka rapela ka hlooho e kobotetseng sefubeng;


Aarone a tle a etse pheko manakeng a aletare hang ka selemo se seng le se seng; a etse pheko teng hang ka selemo, melokong ya lona, ka madi a sehlabelo sa sebe. E tla ba ntho e kgethehileng haholo ho Jehova.


Na hoo ke ho itima dijo hoo ke ho ratang ho motho, mohla a hlokofatsang moya wa hae na? Ho kebisa hlooho jwaloka lodi, le ho robala hodima lesela le mahwashe le melora, na ke hona hoo o ho bitsang ho itima dijo le letsatsi le ka kgahlisang Jehova na?


Aarone o tla hlahisa pohwana ya hae ya sehlabelo sa sebe, mme o tla iketsetsa pheko, a etsetse le ba ntlo ya hae. Pohwana ya hae ya sehlabelo sa sebe o tla e hlaba.


O tla hlabela setjhaba phooko ya sehlabelo sa sebe; o tla isa madi a yona kamora lesira, mme o tla etsa ka madi ao jwalokaha a entse ka madi a pohwana, o tla foka ka wona hodima sekwahelo, le pela sona.


Ka mokgwa o jwalo, o tla etsetsa sehalalelo pheko, ka baka la ditshila tsa bana ba Iseraele, le la dibe tsohle tseo ba sitilweng ka tsona; o tla etsa jwalo le bakeng sa tente ya pokano e beilweng ho bona le hara tse sa hlwekang tsa bona.


o tla hlatswa mmele wa hae metsing, nqalong e halalelang, mme o tla boela a apare diaparo tsa hae. Hamorao, o tla tswa, a hlabe setjheso sa hae le setjheso sa setjhaba, a iketsetse pheko, a etsetse le setjhaba.


Ka letsatsi leo, le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong, hobane ke letsatsi la dipheko leo e ka kgonang le etse pheko ka lona pela Jehova, Modimo wa lona.


O tla letsa terompeta e mantswe a phepa ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome la kgwedi; ka letsatsi la dipheko, le tla letsa diterompeta naheng yohle ya lona.


Ke tla tshela moya wa mohau le wa merapelo hodima ntlo ya Juda le hodima baahi ba Jerusalema; mme ba tla tadima ho nna eo ba mo hlabileng. Ba tla mo llela, jwalokaha ho llelwa mora ya tswetsweng a nnotshi, ba hlomohe habohloko hodima hae, jwalokaha ho hlomohuwa hodima mora wa letsibolo.


Jwale, kahobane matsatsi a mangata a ne a se a fetile, le ho tsamaya lewatleng ho se ho tshabeha, etswe kgwedi ya ho itima dijo e ne e se e shwele, Pauluse a ba eletsa,


Hlomohang dipelo, le lle, le bokolle; ditsheho tsa lona di fetohe dillo, thabo ya lona e fetohe maswabi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ