Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 23:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Le tla mema mokete ka tsatsi lona leo, le etse phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong. Ke molao o sa feleng, oo le tlang ho ya ka wona, lona le ditloholo tsa lona meahong ya lona kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Ka lona letsatsi leo o tla phatlalatsa hore ho tla ba le phutheho e halalelang ya lona, mme le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsa lona tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 23:21
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla tiisa selekane sa ka, se mahareng a ka le wena, le ditloholo tsa hao tse o hlahlamang ka meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng, ke be Modimo wa hao le wa leloko la hao le o hlahlamang.


Aarone le bara ba hae ba tla e qhatsa ka tenteng ya pokano, kantle ho lesira le pela bopaki, hore e bonese ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, pela Jehova. Hoo e tla ba taelo e sa feleng ho bana ba Iseraele melokong ya bona.


Mohlang oo, lehlomela la Jese le tla emisetswa ditjhaba ka mokgwa wa folaga; ditjhaba di tla le batla, nqalo ya ho phomola ha lona e tla ba kganya feela.


Le se ke la ja bohobe, leha e le dihlaku tsa koro e besitsweng, kapa e tutsweng, ho fihlela letsatsi lona leo le hlahisang nyehelo ho Modimo wa lona ka lona. Ke molao o sa feleng, oo le tlang ho ya ka wona, lona le ditloholo tsa lona meahong ya lona yohle.


Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Mekete ya Jehova eo le tla e mema, e tla ba diphutheho tse halalelang. Ke ena mekete ya ka:


Moprista o tla tsokotsa ntho tseo pela Jehova, hammoho le bohobe ba dilopotsiya, le dikonyana tse pedi; di tla kgethelwa Jehova, mme e tla ba tsa moprista.


Le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong; empa le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo.


Ke molao o sa feleng oo le tlang ho ya ka wona meahong ya lona yohle, lona le ditloholo tsa lona kaofela.


Ke ena mekete ya Jehova, le diphutheho tse halalelang tseo le tlang ho di mema nakong ya tsona:


Ka letsatsi la pele, le tla ba le phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong.


Molao ona e tla ba wa kamehla melokong ya lona, kahohle moo le tla aha teng: Le se ke la ja mafura, leha e le madi.


Balevi ba tla etsa tshebetso ya tente ya pokano, mme ba tla jara bokgopo ba bona. Ba ke ke ba eba le lefa hara bana ba Iseraele; hoo e tla ba molao o sa feleng hara ditloholo tsa bona.


O thabe pela Jehova, Modimo wa hao, wena, le mora wa hao, le moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona, le e motshehadi, le Molevi ya menyakong ya hao, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi ya leng ha eno, nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ