Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 21:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Bolella Aarone, o re: Leha e ka ba mang le mang hara ditloholo tsa hao, melokong ya hao, ya nang le sekodi mmeleng, a se ke a atamela ho hlahisa sejo sa Modimo wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 “Bua ho Arone, o re: ‘Hara ditloholo tsa hao, melokong yohle ya tsona, ho se be monna ya nang le sepha, ya tla etsa nyehelo ya dijo tsa Modimo wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 21:17
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng, eo o mo atametsang pela hao, a tle a ikahele mabaleng a hao. Re tla kgora tse monate tsa ntlo ya hao, tsa tempele ya bokgethehi ba hao!


Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


Hara ditloholo tsa Aarone moprista, ha ho ya nang le sekodi mmeleng, ya tlang ho dumellwa ho hlahisetsa Jehova mahlebelo a tjheswang ka mollo; o na le sekodi; a ke ke a atamela ho hlahisa sejo sa Modimo wa hae.


Ba tla halalela ka baka la Modimo wa bona, mme ba ke ke ba tlotlolla lebitso la Modimo wa bona; hobane ke bona ba hlahisang mahlabelo a tjhesetswang Jehova, e leng sejo sa Modimo wa bona; a ba ke ba halalele ke hona.


Moprista o tla di tjhesa aletareng: ke sejo sa sehlabelo se tjheseditsweng Jehova.


Moprista o tla tjhesa mafura ao kaofela aletareng: mafura kaofela ke sejo sa sehlabelo sa setjheso se tjheswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Yaba o bua le Kore le letshwele la hae, a re: Ka hosasane, Jehova o tla bontsha eo e leng wa hae, le eo a mo kgethileng hore a be haufi le yena; eo a mo kgethileng, o tla mo atametsa ho yena.


Le dipaki, le Modimo ke yona, tsa mokgwa o halalelang, o lokileng, o se nang molato, oo re le entseng ka wona, lona ba dumetseng.


Empa e ka kgona molebedi a hloke sekodi, e be monna wa mosadi a le mong, a be le phadimeho, le masene, le hlompheho, a rate ho amohela baeti, a lokele ho ruta.


Efela ho ne ho tshwaneleha hoba re be le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya se nang letheba, ya kahosele ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho fetisa lehodimo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ