Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 20:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ekare ha e mong a fumanwa hara lona, e le monna, kapa mosadi, ya bitsang bafu, kapa a iketsa senohe, ba tla bolawa, ba tlepetswe ka majwe; madi a bona a tla ba hodima bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 “ ‘Monna kapa mosadi ya nang le moya wa bothuela, kapa wa bonohe, ruri o tla bolawa. O tla tlepetswa ka majwe, a bolaelwe molato wa hae.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 20:27
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A tjhesa le bara ba hae ka mollo kgohlong ya bana ba Hinnome, mme a etsa bonohe, le bolao, le boloi, a bea ba bitsang bafu, le dinohe; a nna a etsa tsohle tse mpe mahlong a Jehova, ho mo halefisa ka tsona.


Le se ke la kgelohela ho ba bitsang bafu, leha e le ho dinohe; le se ke la botsa ditaba ho bona, le tle le se ke la itshela ditshila ka bona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


E re ho bana ba Iseraele: Leha e ka ba mang ho bana ba Iseraele, le ho baditjhaba ba aheletseng hara Iseraele, ya tlang ho ntshetsa Moloke e mong wa bana ba hae, o tla bolawa: baahi ba naha ba tla mo tlepetsa ka majwe.


Ekare ha motho a kgelohela ho ba bitsang bafu, le ho dinohe, ho ya boka le bona, motho eo ke tla mo tjamela, ke mo tlose hara setjhaba sa habo.


Ntshetsa monyefodi kantle ho diahelo; bohle ba mo utlwileng ba bee matsoho a bona hloohong ya hae, mme a tlepetswe ke phutheho yohle.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Motho eo o tshwanetse ho bolawa; phutheho yohle e tla mo tlepetsa ka majwe kantle ho diahelo.


Ka tsatsi le leng, ha re ya thapelong, montsana e mong, ya kenweng ke moya wa Phithone, ya neng a ruisa beng ba hae haholo ka ho noha, a teana le rona.


Jwale batho bohle ba motse wa habo ba tla mo tlapunya ka majwe, a shwe. Tlosa bobe haeno jwalo, hore Baiseraele bohle ba utlwe, mme ba tshabe.


Samuele o ne a se a shwele, le Baiseraele bohle ba ne ba se ba mo lletse, ba mo epetse Rama, motseng wa habo. Saule o ne a tlositse dinohe le baporofeta ba bohata naheng eo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ