Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 20:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ke le boleletse, ka re: Ke lona le tlang ho rua naha ya tsona, mme ke tla le fa yona, e be ya lona; ke naha e kollang lebese le dinotshi. Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le kgaohantseng le ditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Ke itse ho lona: Naha ya sona e tla ba lefa la lona; ke tla le nea yona e be leruo la lona. Ke naha e phallang lebese le mahe a dinotshi. Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le kgaohantseng le baditjhaba bao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 20:24
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Etswe Morena Modimo, o se kgethile hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe hore e be lefa la hao, jwalokaha o boletse ka Moshe, mohlanka wa hao, mohla o ntshang bontata rona Egepeta.


Etlere ha Jehova a le fihlisitse lefatsheng la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baheve, le la Bajebuse, leo a hlapanyeditseng bontata lona hore o tla le nea lona, lefatshe le kollang lebese le dinotshi, le tle le etse mokgwa ona ka kgwedi ena.


mme ke itse: Ke tla le ntsha mahlomoleng a Egepeta, ke le ise lefatsheng la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Baheve, le la Bajebuse, lefatshe le kollang lebese le dinotshi.


Ke theohile ho ba namolela matsohong a Baegepeta, le ho ba ntsha naheng eo, ke ba ise naheng e ntle, e kgolo, naheng e kollang lebese le dinotshi, moo ho ahileng Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Tloha le setjhaba seo o se ntshitseng fatsheng la Egepeta, le ye fatsheng leo ke le hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, ka re: Ke tla le nea ditloholo tsa hao.


Ho tla tsejwa kang hoba ke bone mohau ho wena, nna le setjhaba sa hao?


ke lefatshe le kollang lebese le dinotshi. Hobane nna, nke ke ka nyoloha le wena, hobane o setjhaba se melala e sataletseng, esere mohlomong ka o timetsa tseleng.


Ke tla le isa naheng eo ke emisitseng letsoho la ka, ka re, ke tla e nea Abrahama le Isaaka le Jakobo; ke tla le nea yona, e be lefa la lona; ke nna Jehova.


Etlare hobane le kene naheng ya Kanana eo ke le neang yona, le e rue, ha nka otla ntlo efe le efe ya naha eo le tlang ho e rua ka lefu la lepera,


Kgethehelang nna, hobane ke kgethehile, nna, Jehova, mme ke le kgaohantse le ditjhaba, le tle le be ba ka.


Ke a mmona, ke le qhoweng ya mafika; ke a mmoha ke le hlorong ya dithaba; bonang, ke setjhaba se ahang se nnotshi, se sa balweng le ditjhaba.


Hojane le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le rata se sa lona; erekaha le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile lefatsheng, ka baka leo, lefatshe le le hloile.


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,


Hobane o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao, mme Jehova o o kgethile hara ditjhaba tsohle tse lefatsheng hore o tle o be setjhaba sa hae sa sebele.


Hobane o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao; Jehova, Modimo wa hao, o o kgethile hore o be setjhaba sa hae sa sebele, hara ditjhaba tsohle tse lefatsheng.


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ