Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 20:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Le tla boloka melao yohle ya ka, le ditaelo tsa ka kaofela, le ye ka tsona, hore naha eo ke le isang ho yona ho aha teng e se ke ya le hlatsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 “ ‘Le tla boloka melao yohle ya ka, le ditaelo tsohle tsa ka, mme le di phethe, hore naha eo ke le isang ho yona, hore le yo aha ho yona, e se ke ya le hlatsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 20:22
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ba tle ba boloke ditaelo tsa hae, mme ba ye ka melao ya hae. Bokang Jehova!


Ke hlapantse, mme ke tla tiisa, ke itse, ke tla ya ka dikahlolo tse lokileng tsa hao.


KOF. Ke bitsa ho wena ka pelo ya ka yohle: o nkarabe Jehova, ke tle ke boloke dikomelo tsa hao!


Kakaretso ya lentswe la hao ke nnete, dikahlolo kaofela tsa ho loka ha hao ke tse sa feleng.


Ke o rorisa hasupa ka letsatsi, ka baka la dikahlolo tsa ho loka ha hao.


Melomo ya ka a e ke e tswe thoko, hobane o nthuta dikomelo tsa hao.


Moya wa ka a o ke o phele, o o rorise, mme u nthuse ka dikahlolo tsa hao!


Moya wa ka o robehile ke ho hlolohelwa ditaelo tsa hao kamehla.


Pelo yohle ya ka a e ke e ineele dikomelo tsa hao, hore ke se ke ka hlabiswa dihlong.


Ke tsena ditaelo tseo o tla di bea pela bona:


Ke tla bea moya wa ka hare ho lona, mme ke tla le tsamaisa dikomelong tsa ka, ke etse hore le boloke ditaelo tsa ka, hore le di phethe.


Le boloke jwalo melao ya ka kaofela, le ditaelo tsa ka kaofela, mme le ye ka tsona. Ke nna Jehova.


Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le sale morao ka lerumo. Mme naha ya lona e tla fetoha lesupi, metse ya lona e fetohe dithako.


Ke tsena ditemoso, le melao, le ditaelo tseo Moshe a kileng a di bolella bana ba Iseraele, ha ba se ba tswile Egepeta,


Moshe a bitsa Baiseraele bohle, a re ho bona: Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, tsebeng tsa lona, le tle le ithute tsona, le di boloke, mme le di etse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ