Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 19:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Le se ke la thetsa dikahlolong, leha e le ditekanyong tsa bolelele, leha e le ditekanyong tsa boima, leha e le ditekanyong tsa ho tshela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 “ ‘O se ke wa etsa bolotsana ha o metha bolelele ba dintho, kapa boima ba tsona, kapa ha o metha ntho e mokedikedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 19:35
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le ho bona mahobe a pontsha, le lefi la phofo ya dinyehelo, le maqebekwane a se nang ditomoso, le tse phehwang paneng, le tse beswang, le ditekanyo tsa boholo le tsa bongata.


Sekala sa bohata se hloilwe ke Jehova, empa tekanyo ya nnete e a mo kgahlisa.


Ditekanyo le sekala se lokileng ke tsa Jehova, tsohle tse lekanyang tse mokotleng ke mosebetsi wa hae.


Diponto tse pedi tsa ho lekanya tse fapaneng, le diefa tse pedi tse fapaneng, ke manyala ho Jehova.


Ebang le sekala se lokileng, le efa e lokileng, le bathe e lokileng.


Ha o ahlola, o se ke wa ahlola ka bokgopo; o se ke wa tadima tshobotsi ya ba eisehang, mme o se ke wa emela kahlolong ka ho ba hlompha ba leng baholo, o mpe o ahlole wa heno ka ho loka.


Utlwang he seo Jehova a se bolelang: Ema, o tseke pontsheng ya dithaba, maralla le wona a utlwe lentswe la hao!


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.


Mekotleng ya hao o se ke wa ba le majwe a ho lekanya a sa lekaneng, ke ho re, lejwe le leng le leholo, le le leng le lenyenyane.


O be le majwe a ho lekanya a sebele, a lokileng; le yona efa ya hao e be ya sebele, ya nnete, matsatsi a hao a tle a ngatafale lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ