Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 19:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 O eme pela moriri o moputswa, mme o hlomphe ya hodileng. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 “ ‘O eme ka maoto ha o bona raputswe, o hlomphe leqheku, mme o tshabe Modimo wa hao. Ke nna Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 19:32
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Ragele o re ho ntatae: Morena wa me a se ke a halefa, ha ke sitwa ho ema pela hao, hobane ke na le seo basadi ba nang le sona. A batla diterafime, a se ke a di bona.


Yaba Josefa o ba tlosa mangoleng a ntatae, a inamela fatshe ka sefahleho.


Jwale, Bathe-Sheba a ya ho morena Salomone, ho buella Adonija; morena a ema, a mo kgahlanyetsa, a inama pela hae, a ntoo dula teroneng ya hae, a beela mma morena setulo, a re, a dule letsohong la hae le letona.


Empa haele Jehova ya le nyolotseng fatsheng la Egepeta ka matla a maholo le ka letsoho le otlolohileng, yena le mo tshabe, le mo kgumamele, le mo hlabele.


Elihu o ne be a diehile ho fetola Jobo, hobane ba ne ba mo feta ka dilemo.


Yaba Elihu, mora wa Barakeele, wa Buse, o fetola, a re: Ke monyenyane ka dilemo, mme lona le hodile; ka itshwara ke hona, ka tshaba ho le tsebisa mohopolo wa ka;


Moriri o moputswa, ha o fumanwa tseleng ya ho loka, ke mokgabo wa hlompho.


Kganya ya ba batjha ke matla a bona, mokgabo wa maqheku ke moriri o moputswa.


Mamela ntatao ya o tswetseng, o se ke wa nyedisa mmao, ha a tsofetse.


Mme batho ba tla jana, e mong le e mong a jewe ke wa habo; mohlankana o tla tsohela motho ya hodileng matla, le ya nyatsehang a tsohele ya hlomphehang matla.


Marena a mang a fanyehwa ke matsoho a bona, sefahleho sa baholo ha se a ka sa hlonephuwa.


O se ke wa rohaka ya tsebetutu; o se ke wa bea letho pela sefofu le ka mo kgopang. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


Ka baka leo, ke re: Neang batho bohle se ba tshwanelang: ya tshwanelwang ke lekgetho, le mo nee lekgetho; ya tshwanelwang ke seabo, le mo nee seabo; ya tshwanelwang ke tshabo, le mo tshabe; ya tshwanelwang ke hlompho, le mo hlomphe.


O se ke wa kgalemela ya hodileng ka thata, empa o mo kgothatse jwaloka hoja ke ntatao, ba batjha jwaloka hoja ke banabeno;


Hlomphang batho bohle; ratang banababo lona bohle; tshabang Modimo; hlomphang morena wa setjhaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ