Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 19:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Le se ke la phatsa mmele wa lona ka baka la mofu, mme le se ke la ingola ditshwantsho ka lehare. Ke nna Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 “ ‘Le se ke la iphatsa ha le llela mofu, le se ke la etsa mokgora. Ke nna Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 19:28
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba howeletsaka, mme ka mokgwa wa bona, ba itlhabaka ka dithipa le ka marumo, madi a ba a keleketla ho bona.


Ba tla shwa lefatsheng lena, ba baholo le ba banyenyane, ba sa epelwe, ba sa llelwe, ho sa iphatsetswe, ho sa ikutelwe bona.


Hobane dihlooho tsohle di kutilwe, ditedu tsohle di beotswe; bohle ba phatsitswe matsoho, lesela le mahwashe le mathekeng a bona.


Le se ke la beola moriri wa lona ho o etsa botjhitja, mme o se ke wa beola mathoko a ditedu tsa hao.


O se ke wa senya moradi wa hao ka ho mo neela bootswa, esere naha ya senngwa ke bohlola, mme ya tlala bobe.


Jehova a boela a re ho Moshe: Bolella baprista, bara ba Aarone, o re ho bona: Ho se ke ha eba moprista hara bona ya ipeang sesila ka baka la mofu hara setjhaba sa habo,


A se ke a atamela mofu; esita le ka ntatae, leha e le ka mmae, a se ke a ipea sesila.


Baprista ba se ke ba beola dihlooho tsa bona, leha e le ho tlosa mathoko a ditedu tsa bona, mme ba se ke ba phatsa mmele ya bona ka lehare.


Kamehla, motshehare le bosiu, o ne a le dithabeng le mabitleng, a ntse a howa a ikgoba ka majwe.


Barutuwa ba bang ba re ho yena: Re bone Morena. A mpa a re ho bona: Ekare ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka maqebeng a dithakgisa, ka kenya le letsoho la ka lehlakoreng la hae, nke ke ka dumela.


Le bana ba Jehova, Modimo wa lona; le se ke la iphatsa, mme le se ke la ipeola pakeng tsa mahlo ka baka la mofu.


Mosi wa hlokofalo ya bona o nyoloha kamehla le mehla, mme barapedi ba sebata le ba setshwantsho sa sona ba ke ke ba eba le phomolo bosiu le motshehare, leha e le ba amohetseng letshwao la lebitso la sona.


Lengeloi la boraro la latela a mabedi ao, la re ka lentswe le leholo: Ekare ha motho a rapela sebata le setshwantsho sa sona, a nka le letshwao la sona phatleng ya hae, kapa letsohong la hae,


Ka bona ho kang lewatle la seipone le kopaneng le mollo; ba neng ba hlotse sebata, le setshwantsho sa sona, le letshwao la sona, le palo ya lebitso la sona, ba ne ba eme hodima lewatle la seipone, ba tshwere diharepa tsa Modimo.


La pele la ya, mme la tshollela nkgo ya lona lefatsheng, mme ba nkileng letshwao la sebata, le ba rapelang setshwantsho sa sona, ba tswa dibebe tse mpe, tse bohloko boselesele.


Mme sebata sa tshwarwa, mme hammoho le sona ha tshwarwa moporofeta wa bohata ya neng a etsa mehlolo pela sona, eo a kgelositseng ka yona ba nkileng letshwao la sebata le ba rapetseng setshwantsho sa sona.


Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ