Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 19:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Bolokang melao ya ka. O se ka wa hwedisana diphoofolo tsa hao tse seng tsa mofuta o le mong. O se ke wa jala tshimo ya hao ka dipeo tsa mefuta e mmedi, mme o se ke wa apara diaparo tse lohilweng ka ditshwele tsa mefuta e mmedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 “ ‘Le boloke melao ya ka. “ ‘O se ke wa hwedisa diphoofolo tsa hao ka tsa mofuta osele. “ ‘O se ke wa jala mefuta e mmedi ya peo tshimong ya hao, mme o se ke wa apara seaparo se mefuta e mmedi ya masela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 19:19
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Tsibeone ke bana: Aja, le Ana, ke yena Ana ya boneng didiba tse futhumetseng, lefeelleng, ha a ntse a disa diesele tsa Tsibeone, ntatae.


Yaba bahlanka ba Absalome ba etsa ka Amnone kamoo Absalome a laetseng kateng; mme bara bohle ba morena ba tsoha, ba kalla e mong le e mong esele ya hae, ba baleha.


Haele Absalome, a tshoha a kgahlana le bahlanka ba Davida. Absalome o ne a kaletse esele; esele ha e fihla tlasa makala a lohaneng a sefate se selelele sa terebinte, hlooho ya Absalome ya tshwaswa sefateng sa terebinte, mme a leketla hara sebaka, mahareng a lehodimo le lefatshe; esele e tlasa hae yona ya feta.


Morena a ba bolella, a re: Nkang bahlanka ba mong a lona, le kallise Salomone, mora ka, esele ya ka; le mo theosetse Gihone;


Hape, ba ne ba na le dipere tse makgolo a supileng a mashome a mararo a metso e tsheletseng, le dimulete tse makgolo a mabedi a mashome a mane a metso e mehlano,


Le tla ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka ho ya ka yona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Le boloke jwalo melao ya ka kaofela, le ditaelo tsa ka kaofela, mme le ye ka tsona. Ke nna Jehova.


Le boloke melao ya ka, le ye ka yona. Ke nna Jehova ya le halaletsang.


Le boloke melao ya ka, mme le ye ka yona. Ke nna Jehova.


Le phethe melao ya ka, le boloke ditaelo tsa ka; le fele le di etse, mme le tla aha naheng ya lona ka boiketlo.


Hape, a ba bolella setshwantsho, a re: Ha ho motho ya ka tabolang setsiba seaparong se setjha ho se rokella seaparong se tsofetseng; ha ho ka etswa jwalo, se setjha se ka hahola se tsofetseng; hape, setsiba se setjha se ke ke sa dumellana le ho tsofetseng.


Mme haele ka mohau, ha e sa le ka mesebetsi; hobane hola ke ka mesebetsi, mohau e ka be e se mohau; mme hola ke ka mesebetsi, e ka be e sa hlole e le ka mohau, hobane hoja ha ho jwalo, mosebetsi e ka be e sa hlole e eba mosebetsi.


Mme jwale, lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le rutang tsona, hore le tle le etse ka tsona, le tle le phele, mme le kene, mme le rue lefatshe leo Jehova, Modimo wa bontata lona, a le neang lona.


Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, kamoo Jehova, Modimo wa ka, a ntaetseng kateng, hore le tle le etse ka tsona lefatsheng leo le yang ho le rua.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ