Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 17:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ba se ke ba hlola ba hlabela diphooko tseo ba di latelang bootsweng ba tsona. Ke oo molao o sa feleng oo ba tlang ho ya ka wona melokong yohle ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ba se ke ba hlola ba nyehella medingwana ya diphooko eo ba e setseng morao, ba e kgumamelang. Ona e tla ba molao wa mehla yohle wa bona, le wa ditloholo tsa bona.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 17:7
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o ne a ikgethetse baprista ba dinqalo tse diphahameng ho hlabela diphooko le manamane ao a neng a a entse.


Ba hlabela medimo ya bohata bara le baradi ba bona,


Ba itshela ditshila ka mesebetsi ya bona le ka diketso tsa bootswa ba bona.


Ya hlabelang medimo esele mahlabelo, kantle ho Jehova a nnotshi, a neelwe anathema.


Aarone le bara ba hae ba tla e qhatsa ka tenteng ya pokano, kantle ho lesira le pela bopaki, hore e bonese ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, pela Jehova. Hoo e tla ba taelo e sa feleng ho bana ba Iseraele melokong ya bona.


Ba se ba kgelohile tsela eo ke neng ke ba laetse yona. Ba iketseditse namane e tsholotsweng, ba kgumamile pela yona, ba bile ba e hlabetse mahlabelo, ba itse: Oho Iseraele, modimo wa hao ke oo, o o ntshitseng fatsheng la Egepeta!


o se ke wa etsa selekane le baahi ba fatshe leo, esere, ha o feba le medimo ya bona, mme o hlabela medimo ya bona, ba o biletsa ho tla ja nama tsa mahlabelo a bona,


Ho itswe: Ekareha monna a hlala mosadi wa hae, mme mosadi eo a tloha ho yena, a ya nyalwa ke monna e mong, na monna eo a ka boelana le yena? Ha ke re, naha e ka silafala hohle ka ho jwalo? Haele wena, o nnile wa ineela bofebe le dinyatsi tsa hao tse ngata, mme o ne o tla boela ho nna na? ho bolela Jehova.


ba ya ba etsa bohlola Egepeta; botjheng ba bona ba etsa bohlola; teng, ha toboketswa matswele a bona, ha phollwa difuba tsa bona e sa le dikgarebe.


Ka ho etsa jwalo, ha a ka a hloboha le bohlola boo a neng a bo entse le Baegepeta, mohla ba neng ba robale le yena botjheng ba hae, ha ba ne ba pholla matswele a hae e sa le kgarebe, ba mo tshollela bootswa ba bona.


O fele o re ho bona: Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng ho bona, a hlahisa setjheso, leha e le sehlabelo,


nna, motho eo ke tla mo tjamela le leloko la hae; ke tla mo tlosa hara setjhaba sa habo, yena le bohle ba mo latelang bootsweng ba hae ho ya boka le Moloke.


Molao ona e tla ba wa kamehla melokong ya lona, kahohle moo le tla aha teng: Le se ke la ja mafura, leha e le madi.


Jwale, e se e le kahlolo ya lefatshe lena; jwale, morena wa lefatshe lena o tla lelekelwa ntle.


Ha nka ke ka hlola ke bua le lona haholo, hobane morena wa lefatshe lena o a tla; mme ha a na letho ho nna.


Empa ke re: Dintho tseo bahetene ba di hlabelang aletareng, ba di hlabela batemona, e seng Modimo: mme ke hana hoba le ka jesana le batemona.


e leng bao modimo wa lefatshe lena o ba foufaditseng dikelello, ke ho re, ba sa dumelang, ba tle ba se ke ba tjhabelwa ke lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.


tseo kgale le neng le itsamaela ho tsona ka mokgwa wa lefatshe lena, ha le ne le sa buswa ke morena ya busang matla a sebaka, e leng moya o sebetsang jwale baneng ba ho se dumele.


Jehova a re ho Moshe: Bona, o se o ya orohela ho bontatao, mme setjhaba sena se tla tloha se itshilafatsa ka ho ineela medimo esele ya lefatshe leo se yang ho aha hara lona; se tla mphuralla, se tlole selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.


Ba hlabetse bademona, bao e seng Modimo, le medimo eo ba neng ba sa e tsebe, medimo e metjha, e tswang ho hlaha, eo bontata lona ba sa kang ba e tshaba.


Mme batho ba setseng, ba sa kang ba bolawa ke dikotsi tseo, ha ba ka ba baka mesebetsing ya matsoho a bona, mme ha ba ka ba lesa ho rapela batemona, le medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya koporo, le ya majwe, le ya mahong, e sa tsebeng ho bona, le ho utlwa, le ho tsamaya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ