Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 17:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mang le mang hara ba tswaletsweng ha habo lona, leha e le moditjhaba, ya tlang ho ja ntho e shweleng, leha e le e harotsweng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya; e ntoo ba ya hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 “ ‘Mang kapa mang ya jang nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela, kapa e harotsweng ke dibatana, e ka ba letswallwa kapa moditjhaba, a hlatswe diaparo tsa hae, a be a tole ka metsi. O tla sala a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana, jwale e tla ba o hlwekile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 17:15
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O etse jwalo le ka kgomo ya hao le ka nku ya hao; di tla dula le bomma tsona tshiu tse supileng; ka la boroba meno e le mmedi, o tla nnea tsona.


Ho nna le tla ba batho ba kgethehileng, mme le se ke la ja nama e harotsweng naheng; le tle le e akgele dintja.


Ka mpa ka re: Oho Morena Jehova, bona, moya wa ka ha o eso ho silafale; ha ke eso ho je, ho qala botjheng ba ka le ho fihlela jwale, kapa ntho e shweleng, kapa phoofolo e rusolotsweng, mme ha ho eso ho be nama e putileng e keneng molomong wa ka.


Baprista ba se ke ba eja nama ya ntho tse shweleng, leha e le ya ntho tse harotsweng tsa dinonyana, kapa tsa diphoofolo.


E mong le e mong ya tlang ho ama ditopo tse shweleng tsa tsona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya;


e mong le e mong ya jereng setopo se shweleng sa tsona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a be sesila ho isa mantsiboya.


Tsohle tse maoto a mane, tse tsamayang ka maro a tsona, di tla ba sesila ho lona; e mong le e mong ya amang ditopo tse shweleng tsa tsona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.


Ya tlang ho jara ditopo tse shweleng tsa tsona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla ba sesila ho isa mantsiboya. Di tla ba sesila ho lona.


Tseo e tla ba ditshila ho lona hara tsohle tse nyekenyehang; e mong le e mong ya tlang ho di ama ha di shwele, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.


Ntho efe le efe eo ditopo tsa tsona di wetseng hodima yona, e tla ba sesila, leha e ka ba ntho efe le efe ya lehong, leha e le seaparo, kapa letlalo, kapa mokotla, kapa ntho efe le efe eo ho sebetswang eng le eng ka yona; e tla inwa metsing, mme e tla ba sesila ho isa mantsiboya, mme kamora moo, e tla ba e hlwekile.


Ha ho ka shwa phoofolo e nngwe ya tseo le ka di jang, motho ya tlang ho ama setopo sa yona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.


Ya ka jang nama ya setopo sa yona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a be sesila ho isa mantsiboya; ya tlang ho jara setopo sa yona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a be sesila ho isa mantsiboya.


E mong le e mong ya tlang ho ama ntho efe le efe e neng e le tlasa hae, o tla ba sesila ho isa mantsiboya; ya ileng a e jara e ka kgona a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, mme a be sesila ho isa mantsiboya.


E mong le e mong ya tlang ho ama phate tsa hae, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya.


E mong le e mong ya amang diphate tsa hae, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing; a be sesila ho isa mantsiboya.


A se ke a ja ntho e shweleng, kapa e harotsweng, a tle a se ke a ba sesila. Ke nna Jehova.


Mafura a phoofolo e itjhweletseng, kapa mafura a phoofolo e rusolotsweng, le ka itshebeletsa ho hong hofe le hofe ka wona, empa le wona, le ke ke la a ja.


Monna eo ya hlwekileng o tla foka ya sa hlwekang ka tsatsi la boraro le la bosupa, mme o tla mo hlwekisa ka tsatsi la bosupa. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing; mme mantsiboya o tla hlweka.


Hoo e tla ba molao o sa feleng ho bona: ya fokileng ka metsi a hlatsuo, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme ya amileng metsi a hlatsuo, etlaba ha a hlweka ho fihlela mantsiboya.


Ya tjhesitseng sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae ka metsi, a hlatswe mmele wa hae metsing; empa etlaba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya.


Le se ke la ja nama ya tse itjhweletseng; o mpe o e nee moditjhaba ya menyakong ya hao, a e je; mohlomong o reke ho moditjhaba ka yona; hobane wena o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao. O se ke wa hladiya potsanyane lebeseng la mma yona.


Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ