Levitike 16:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)29 Molao oo e tla ba o sa feleng ho lona, ke wona ona: Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome la kgwedi, le tla hlomola dipelo tsa lona; le tla lesa mesebetsi yohle, kapa e leng ba tswaletsweng ha habo lona, kapa e leng ba jakileng hara lona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE29 “Ona ke molao wa mehla yohle ho lona: Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, le tla itima dijo, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, e ka ba motho wa letswallwa, kapa moditjhaba ya jakileng hara lona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Empa letsatsi la bosupa ke phomolo ya Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa etsa mosebetsi le o mong ka letsatsi leo, leha e le wena, leha e le mora wa hao, leha e le moradi wa hao, leha e le mohlanka wa hao e motona, leha e le e motshehadi, leha e le kgomo tsa hao, leha e le moeti wa hao ya ka menyakong ya hao.
Ha o ka thibela maoto a hao hore a se ke a senya Sabatha, wa tela mosebetsi wa hao ka letsatsi la ka le kgethehileng; ha o ka bitsa Sabatha letsatsi la thabo, letsatsi le kgethehileng la Jehova wa le bitsa kgahliso ya hao, wa le hlompha ka ho lesa ho ya ka ditsela tsa hao, le ka ho se etse mosebetsi wa hao, le ka ho se bue ditaba tsa lefeela;