Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 15:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 E mong le e mong ya di amang, o tla itshela sesila, mme o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Mang kapa mang ya di amang o tla ba sesila. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 15:27
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.


Ke tla le ntsha ditshileng tsa lona tsohle, mme ke tla mema koro, ke e atise, ke se ke ka hlola ke le romela tlala;


E mong le e mong ya tlang ho ama ditopo tse shweleng tsa tsona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya;


Etlare ha monna eo a fodile, o tla bala matsatsi a supileng a ho itlhatswa; o tla hlatswa diaparo tsa hae, a hlatswe mmele wa hae metsing a molatswana; etlaba o hlwekile.


E mong le e mong ya tlang ho ama phate tsa hae, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya.


Diphate kaofela tseo a robetseng ho tsona ha a ntse a ena le letlang, di tla ba jwaloka diphate tsa hae tsa mohla a idileng, mme dintho tsohle tseo a dulang hodima tsona di tla ba sesila, ka sesila se le seng le sa ho ila ha hae.


Etlare hobane letlang la hae le kgaotse, o tla bala matsatsi a supileng, mme etlaba o hlwekile.


Sediba se tla ba teng, ka tsatsi leo, se kwaholletsweng ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ho hlatswa sebe le ditshila.


Tsohle tse amileng ya sa hlwekang di tla silafala, mme motho ya mo amileng, etlaba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya.


a re atameleng ho wona ka pelo ya nnete, ka tumelo e nang le tshepo ya sebele, matswalo a mabe a phekotswe dipelong tsa rona, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.


ana haele madi a Kreste, ya itlhahisitseng ho Modimo ka Moya wa kamehla yohle, e le pheko e se nang letheba, madi ao a tla hlatswa matswalo a lona hakakang mesebetsing e shweleng, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang!


Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa wona, a re hlatswa dibe tsohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ