Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 13:59 - Sesotho 1909/1961 (SO)

59 Ke wona molao bakeng se letheba la lepera diaparong tsa boya, kapa tsa lene, leha e le ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, leha e le mosebetsing ofe le ofe o entsweng ka letlalo, ho tle ho bolelwe ka wona ha ntho e hlwekile, leha e sa hlweka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

59 Ona ke molao wa lefu la lepera le seaparong se lohilweng ka boya, kapa sa lesela la lene, kapa phahlong efe le efe e entseng ka letlalo, ho bona hore na e hlwekile kapa e sesila.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 13:59
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ekare ha letheba la lepera le le seaparong, leha e le seaparong sa boya ba nku,


kapa seaparong sa lene, kapa ho sa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng, e le tsa lene, kapa tsa boya, kapa letlalong, leha e le mosebetsing o entsweng ka letlalo,


Empa seaparo, kapa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng, leha e le mosebetsi ofe le ofe wa letlalo o hlatswitsweng moo letheba le hlakohileng, o tla hlatsuwa la bobedi, mme o tla hlweka.


Molao oo molepera a tlang ho ya ka wona ka letsatsi la ho itlhatswa ha hae, ke wona ona:


Ke oo molao wa ho itlhatswa oo ya jewang ke lepera a tshwanetseng ho ya ka wona, ha a haellwa.


ho tle ho tsejwe ka wona ntho e sesila, le ntho e hlwekileng. Ke oo molao bakeng sa lepera.


Le tla kgaohanya jwalo bana ba Iseraele le tseo ba itshelang sesila ka tsona, hore ba se ke ba shwela ditshileng tsa bona, ka ho silafatsa tente ya ka ya pokano e hara bona.


Ke oo molao o beetsweng modutli, le ya leng sesila ka mohlapo,


Ke yona melao eo Jehova a e laetseng Moshe bakeng sa monna le mosadi wa hae, le bakeng sa motswadi le moradi wa hae, ha eo a sa le motjha tlung ya ntatae.


Ke tsona ditaelo le melao eo Jehova a e laetseng bana ba Iseraele ka Moshe, mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko.


Ke oo molao wa poulelo. Etlare hobane mosadi ya leng matleng a monna a kgelohe, mme a itshenye,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ