Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 13:58 - Sesotho 1909/1961 (SO)

58 Empa seaparo, kapa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng, leha e le mosebetsi ofe le ofe wa letlalo o hlatswitsweng moo letheba le hlakohileng, o tla hlatsuwa la bobedi, mme o tla hlweka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

58 Ha seaparo sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ka letlalo, e se e hlatswitswe, mme lefu le nyamela ho yona, e tla hlatsuwa kgetlo la bobedi, mme e tla ba e hlwekile.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 13:58
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elisha a mo romela lenqosa, a re: Eya o itlhatswe hasupa Jordane, mme nama ya hao e tla boela ho wena e ntjhafetse, o hlweke.


Yaba o theoha, a itebisa hasupa hara Jordane, ka polelo ya monna wa Modimo; mme nama ya hae ya boela ya eba jwaloka nama ya ngwana e monyenyane, a hla a hlweka.


Ntlhatswe, o be o ntlhatswisise bokgopo ba ka, o mphekole sebe sa ka!


kapa seaparong sa lene, kapa ho sa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng, e le tsa lene, kapa tsa boya, kapa letlalong, leha e le mosebetsing o entsweng ka letlalo,


Ha letheba le ka boela la hlaha seaparong, kapa ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, leha e le mosebetsing ofe le ofe o entsweng ka letlalo, ke lekgopho la lepera; seo le leng ho sona se tla tjheswa ka mollo.


Ke wona molao bakeng se letheba la lepera diaparong tsa boya, kapa tsa lene, leha e le ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, leha e le mosebetsing ofe le ofe o entsweng ka letlalo, ho tle ho bolelwe ka wona ha ntho e hlwekile, leha e sa hlweka.


Bakeng seo, ke rapetse Morena hararo, hore ntho eo e tloswe ho nna.


Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.


e leng dijo le dino feela, le dihlatsuo tse ngata, le mekgwa ya nama, e beilweng ho be ho fihle nako ya tokiso.


le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ