Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 13:48 - Sesotho 1909/1961 (SO)

48 kapa seaparong sa lene, kapa ho sa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng, e le tsa lene, kapa tsa boya, kapa letlalong, leha e le mosebetsing o entsweng ka letlalo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

48 kapa se entsweng ka lene, kapa boya, kapa eng le eng e entsweng ka letlalo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 13:48
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ekare ha letheba la lepera le le seaparong, leha e le seaparong sa boya ba nku,


mme ha letheba le le letalana, kapa le le lefubetswana, le hlahile seaparong, leha e le letlalong, ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, kapa mosebetsing o mong o entsweng ka letlalo, ke letheba la lepera; le tla bontshwa moprista.


Ka la bosupa, ekare ha moprista a bona hoba letheba le kekile seaparong, ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, kapa letlalong, leha e le mosebetsing o mong o entsweng ka letlalo, ke letheba la lepera le topetseng; se jewang ke lona se sesila.


Ho tla tjheswa seaparo seo, kapa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng tsa lene, kapa tsa boya, leha e le mosebetsi ofe le ofe wa letlalo o nang le letheba, etswe e le lepera le topetseng; e ka kgona o tjheswe ka mollo.


Empa ha moprista a bona hoba letheba ha le a ka la keka seaparong, le ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, kapa mosebetsing ofe le ofe wa letlalo,


Iponele, o se lebale Jehova, Modimo wa hao, ka ho se boloke ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, eo ke o laelang yona kajeno,


mme le pholose ba bang ka ho ba tshosa, le ba tlose mollong, mme le ile le kobo e nang le ditshila tsa nama.


Empa o na le mabitso a ba seng bakae Sarda, ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona; ba tla tsamaya le nna ka diaparo tse tshweu, kahobane ba loketswe ke hona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ