Ba re: Bahlanka ba hao, re batho ba leshome le metso e mmedi, bara ba monna a le mong, naheng ya Kanana, mme e monyenyane o kwana ho ntata rona kajeno, e mong yena o se a le siyo.
Yaba Jakobo, ntata bona, o re ho bona: Le ntlhokisitse bana! Josefa o siyo, le Simeone o siyo, mme jwale le nkamoha le Benjamine; ditaba tsena kaofela di a mpolaya.
O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;
O tla re ho bona: Ke hobane bontata lona ba ntlhobohile, ho bolela Jehova, ba nnile ba tsamaela medimo esele, ba e sebeleditse, ba e kgumametse; haele nna, ba ntlhobohile, ha ba ka ba boloka melao ya ka.
Ho itswe ke Jehova: Mohoo o utlwahetse Rama, wa pokollo, wa dillo tse bohlokohloko: ke Ragele ya llelang bana ba hae, ya hanang ho tshediswa bakeng sa bana ba hae, hobane ha ba sa le yo.