Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 5:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Re otlolletse matsoho a rona ho Baegepeta le ho Baassiria ho bona bohobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Ra ipea tlasa Egepeta le Asiria, re tle re tsebe ho fumana bohobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 5:6
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Abrahama a re ho mohlanka wa hae e moholo ka tlung ya hae, ya neng a laola tsohle tseo a nang le tsona: Ako bee hle seatla sa hao katlasa serope sa ka,


A tloha teng, a kopana le Jonadabe, mora Rekabe, a tlile ho mo kgahlanyetsa. A mo dumedisa, a re ho yena: Na pelo ya hao e tshweu, jwalokaha pelo ya ka e le tshweu bakeng sa pelo ya hao na? Jonadabe a re: E tshweu. Yena a re: Ha ho le jwalo, nnee letsoho la hao. A mo neela letsoho la hae. A mo neela letsoho la hae, a mo nyollela koloing.


Wa ya itlhahisa ho morena wa teng ka ole, o nkile tse nkgang hamonate; o romile manqosa a hao holehole, wa itebisa ho ya fihla nqalong ya bafu.


Mme jwale, o elang ka tsela ya Egepeta ho nwa metsi a Nile? O elang ka tsela ya Assiria ho nwa metsi a Eufrate?


O phaila keng hakakale ho kgeloha tsela ya hao? O tla hlabiswa dihlong ka Egepeta, jwalokaha o kile wa hlabiswa dihlong ka Assiria.


Tshelang ditlatse ho yena, le ntse le mo teetse hare. O otlolla matsoho a hae; metheo ya hae e a sisinyeha, marako a hae a heleha, hobane ke phetetso ya Jehova; le iphetetse ho yena; kamoo a ileng a le etsa kateng, le mo etse jwalo.


Le kajeno, mahlo a rona a ntse a eba ke ho lebella thuso ya rona! Ke lefeela; tebellong ya rona re lebile ho setjhaba se se nang ho pholosa.


O kgesitse kano, o tlotse selekane; o bile o neile Faro letsoho la hae; o entse tseo tsohle; ha a ka ke a phonyoha.


Efraime o ikgorisa ka moya, o phallela moya wa botjhabela. Tsatsi lohle o atisa bohata le tshenyeho. Ba hlaba selekane le Assiria, mme ole e iswa Egepeta.


Efraime o bone pabo ya hae, le Juda o bone seso sa hae; Efraime o ile ho Baassiria, o rometse ho morena Jarebe (motseki); empa eo a ke ke a tseba ho le thusa, a ke ke a fodisa seso sa lona.


Efraime o jwaloka leeba le sethoto; ha a na kelello. Ba bitsa Baegepeta, ba romela ho Baassiria.


Ba ke ke ba hlola lefatsheng la Jehova; Efraime o tla kgutlela Egepeta, lefatsheng la Assiria ba tla ja tse ditshila.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ