Setjhaba, kapa mmuso ha o ke ke wa ipea ho Nebukadnesare, morena wa Babilona, leha e le ho neela molala wa wona jokong ya morena wa Babilona, ke tla kgalemela setjhaba seo ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa, ho bolela Jehova, ke tle ke be ke se timetse ka letsoho la hae.
Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ke bea joko ya tshepe molaleng wa ditjhaba tseo tsohle, di tle di sebeletse Nebukadnesare, morena wa Babilona, mme di tla nne di mo sebeletse; ke mo neile le diphoofolo tsa naha.
Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Marako a Babilona a sephara a tla ripitlwa, menyako ya hae e phahamileng e tjheswe ka mollo; etlaba ditjhaba di sebeleditse lelea, merabe e ikgathaleditse mollo, mme ba tla fela dipelo.
Joko ya makgopo a ka e tlamilwe ke matsoho a hae; a thatilwe, a boima molaleng wa ka; o fedisitse matla a ka; Morena o nneetse matsohong a eo ke sitwang ho mo hanela.
Juda o ile kgolehong ka ho hlomodiswa le ka botubo bo boholo; o hara ditjhaba, a sa bone moo a ka phomolang teng; bahlorisi ba hae kaofela ba mo fihletse a le moo ho patisaneng.
Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, nna ke rerela moloko ona bobe boo le ke keng la ntsha melala ya lona ho bona, ha le sa tla hlola le tsamaya le sataletse, hobane nako ena ke e mpe.
o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Jehova a tla di roma ho tla o lwantsha, o di sebeletse o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka ntho tsohle; mme di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, di be di o fedise.