Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Lefa la rona le ile ho baditjhaba, le matlo a rona ho basele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Naha ya rona e hapilwe ke baditjhaba, melata e ikabile ka malapa a rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 5:2
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eo a namileng ho yena a a ke a je tseo a nang le tsona kaofela, basele ba ke ba lobele tseo a di ruileng ka ho sebetsa ha hae.


Lefatshe la lona ke nahathothe, metse ya lona e tjhesitswe ka mollo, baditjhaba ba jesa masimo a lona mahlong a lona; tshenyo eo e jwaloka ya naha e sentsweng ke dira.


Dikonyana di tla fula teng, jwaloka eka ke makgulong a tsona, masimo a tlohetsweng a barui a tla jewa ke baditjhaba.


Setjhaba se halalelang sa hao se kile sa rua naha ho se hokaenyana; dira tsa rona di hataketse sehalalelo sa hao.


Ka molato wa hao o tla senyehelwa ke lefa leo ke neng ke o neile lona; ke tla o etsa mofo wa bao e leng dira ho wena, lefatsheng leo o sa le tsebeng, hobane le tukisitse mollo wa kgalefo ya ka, o ya nne o tjhese ka ho sa feleng.


Matlo a bona a tla ruwa ke baditjhaba, le wona masimo le basadi hammoho, mohla ke otlollang letsoho la ka ho baahi ba lefatshe, ho bolela Jehova.


Mme tseo ke tla di neela baditjhaba hore ba di hape, ke di neele ba fetisang ka bokgopo lefatsheng, hore ba di hlwibile, ba di silafatse.


Ke ya tlisa ditjhaba tse fetisang ka bobe, di tle di rue matlo a bona; ke tla kgaotsa boikakaso ba dinatla, dinqalo tsa bona tse halalelang di silafatswe.


Ba jala moya, mme ba tla kotula sefefo; mabele wona a tla ba siyo. Monoko o ke ke wa bea dijo; leha o ka di bea, di tla metswa ke baditjhaba.


Iseraele o a metswa, hara ditjhaba ba jwaloka pitsa e sa ratweng.


Menono ya bona e tla lobelwa, matlo a bona a senngwe; ba tla haha matlo, empa ba ke ke ba dula ho wona; ba tla hloma merara, empa ba ke ke ba enwa veine ya yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ