Oho Jehova, o se ke wa halefa ka ho fetisisa, o se ke wa boloka kgopolo ya makgopo a rona ka ho sa feleng! Oho bona, o tadime hle; kaofela re setjhaba sa hao.
Thaba ya ka le masimo a yona, leruo la hao le matlotlo a hao kaofela, ke tla di neela kgapo, le tsona dinqalo tse diphahameng tsa hao, ka baka la sebe sa hao se meeding ya hao kaofela.
O ntse o porofetelang ka lebitso la Jehova, o re: Ntlo ena e tla ba jwaloka Silo, le motse wona o tla senngwa, o be o hloke moahi? Yaba setjhaba kaofela se bokanela Jeremia ka tlung ya Jehova.
Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le bone bobe bohle boo ke bo hlahiseditseng Jerusalema le metse kaofela ya Juda; bonang, kajeno e hlile e senyehile, ha ho sa le moahi ho yona;
Bohale ba ka le kgalefo ya ka ya ba ya tsholoha, ya tuka metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, tse fetohileng lesupi le lefeella, jwalokaha ho bonahala kajeno.
Ke tla phahamisa dillo le pokollo dithabeng, le makgulong a lefeella ke bine kodiyamalla, hobane a tjhesitswe, ha ho sa le motho ya fetang teng, ha ho sa utluwa dillo tsa mehlape; dinonyana tsa lehodimo le diphoofolo di balehile, di ile.
Mme jwale, Modimo wa rona, o mamele thapelo ya mohlanka wa hao le thapedisiso ya hae, o edise sefahleho sa hao hodima sehalalelo sa hao se senyehileng ka baka la Morena!
Ka baka leo, ka molato wa lona, Sione o tla lengwa jwaloka tshimo, Jerusalema a fetohe diqubu tsa majwe, le thaba ya ntlo ya Jehova e fetohe thaba ya meru.