ba re ho nna: Masala a setseng a kgoleho, a ahileng naheng yane, a mahlomoleng a maholo le sekgobong; lerako la Jerusalema le ntse le le dikgeo, le mamati a teng a dutse a tjhele ke mollo.
Oho, Modimo wa rona, utlwa kamoo re entsweng sekgobo kateng; o busetse dihlapa tsa bona hloohong tsa bona, mme o ba neele hore ba ya ho tlatlapuwa naheng ya kgoleho.
Ke beile dibohodi marakong a hao, Jerusalema; di ke ke tsa kgutsa le ka motsotso o le mong, motshehare le bosiu. Lona bao le hopotsang Jehova, le se ke la ipha sebaka sa ho phomola!
Wena Jehova, o tseba tsohle, o nne o nkgopole, o ntlhokomele, o mpheteletse ho ba ntlhorisang. Mamellong e kgolo ya hao o se ke wa ntlosa; o ke o lemohe hobane ke jere sekgobo ka baka la hao.
Re hlabisitswe dihlong, hobane re utlwile nyediso; nyatso e apesitse difahleho tsa rona, hobane baditjhaba ba kene dinqalong tse halalelang tsa ntlo ya Jehova.
Batho ba hae kaofela ba fehelwa, ba batla bohobe; ba neile ntho tsa bona tsa bohlokwa ho bona dijo tse ka tsosang bophelo ba bona. Bona, Jehova, o lemohe, hobane ke fetohile ya nyediswang.
Jehova, bona hobane ke mahlomoleng; mala a ka a duma, pelo ya ka e fetohile kahare ho nna, hobane nkile ka ikgantsha haholo; kantle, lerumo le ntse le bolaya, hae ha eso ke lefu.
Ditshila tsa hae di teng mosehong wa kobo ya hae; ha a ka a hopola qetello ya hae, mme o wele ka mokgwa o makatsang; ha ho ya mo tshedisang. Jehova, tadima bosenyehi ba ka, hobane sera se a ithorisa.
Bohle ba fetang ka tsela ba opa ka diatla bakeng sa hao, ba soma, ba sisinya dihlooho bakeng sa moradi wa Jerusalema, ba re: A ke oo motse oo ba neng ba o bitsa botle bo phethehileng, thabo ya lefatshe lohle?
Bona, Jehova, o tadime eo o mo entseng jwalo. Ho jwang, ha basadi ba ile ba eja ditholwana tsa bona, bana bao ba bileng ba ba emara? Keng, ha ho ile ha bolawa moprista le moporofeta sehalalelong sa Morena na?
Jehova, ke utlwile taba tsa hao, ke bile ke tshohile! Jehova, mosebetsi wa hao o ke o o hlahise mahareng a dilemo; mahareng a dilemo o o bonahatse! Kgalefong, o hopole ho hauhela!