Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 4:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ho iketlile ba bolailweng ke lerumo ho feta ba bolailweng ke tlala; bana ba fedile ba bolailwe ke ho hloka se bewang ke tshimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ho lehlohonolo ba bolailweng ka sabole, ba lehlohonolo ho feta ba bolawang ke sekoboto, ba fellang dikobong ho fihlela ba eshwa, ka baka la ho hloka tse behwang ke naha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 4:9
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka la boroba mono o le mong la kgwedi ya bone, tlala e ne e le kgolo motseng, ho se ho se bohobe bo saletseng setjhaba sa teng.


Bana ba Iseraele ba re ho bona: Hojane ra itjhwella ka letsoho la Jehova lefatsheng la Egepeta re ntse re ituletse pela dipitsa tsa nama, re eja bohobe, re kgora! Hobane le re ntshitse teng, la re tlisa lefeelleng lena, hore le bolaye setjhaba sena kaofela ka tlala.


wena, motse o tletseng moferefere, motse wa marata, o batlang menyaka feela? Ba hao ba bolailweng ha ba ka ba wa ka lerumo, ha ba ka ba eshwa ntweng.


Ba tla shwa mafu a mabe, ba sa llelwe, ba sa epelwe, mme e tla ba moitedi hodima lefatshe; ba tla bolawa ke lerumo le ke tlala, ditopo tsa bona di jewe ke manong a lehodimo le ke dibatana tsa lefatshe.


Le tla dula, le rwetse meqhaka ya lona dihloohong, le rwetse dieta tsa lona maotong, le ke ke la lla, leha e le ho bokolla, le mpa le tla hopola makgopo a lona, le bobole maloka le banababo lona.


Oho mora motho, ere ho ba ntlo ya Iseraele: Le bolela, le re: Kannete maikgantsho a rona le dibe tsa rona di ho rona, re timela ka baka la tsona; re ka phela ha re etsa jwang na?


A ba a re ho nna: Mora motho, bona, ke se ke tla roba kotlo ya bohobe Jerusalema; ba tla ja bohobe bo lekantsweng, ba bo je ka mahlomola; le wona metsi ba a nwe a lekantswe, ba a nwe ka makalo,


Kantle ho na le lerumo, kateng ke lefu la sewa le tlala. Ya leng naheng o tla shwa ke lerumo, ya leng motseng a jewe ke tlala le lefu la sewa.


Haele ba tlang ho pholoha ho lona, ba tla monyella naheng ya bao e leng dira ho lona ka baka la makgopo a bona; ba tla monyela le ka baka la makgopo a bontata bona.


Se tla ja katiso ya makgomo a hao, le dijo tsa lefatshe la hao, o be o fele; se ke ke sa o tlohella letho leha e le koro, leha e le veine e ntjha, leha e le ole, leha e le se tswalwang ke dikgomo le dinku tsa hao, se be se o fedise.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ