Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 4:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Sebe sa moradi wa setjhaba sa ka se hlile se seholo ho feta sa Sodoma, ya kileng a dihelwa hanghang, ho se matsoho a rometsweng teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Kotlo ya tjhaba sa heso e kgolo haholo, ho feta le ya Sodoma, e neng e timetswe ka ho panya ha ntshi, e sa timetswe ke letsoho la motho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 4:6
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jehova o nesetsa Sodoma le Gomora sebabole le mollo o tswang ho Jehova mahodimong.


A timeletsa metse eo, lehwatata lohle, le bohle ba ahileng metseng, le tse mediswang ke mobu.


Ho tla ba ho moprista jwalokaha ho tla ba ho batho feela, monghadi o tla ba jwaloka mohlanka, mofumahadi jwaloka lekgabunyane la hae, morekisi jwaloka meroki, ya adimang jwaloka eo ho adingwang ho yena, monami jwaloka ya nametsweng.


Motho eo a ke a be jwaloka metse eo Jehova a e heletsang, a sa e hauhele; a ke a utlwe mehoo e sa le hosasasasa, le mokgosi nakong ya motshehare.


Empa baporofeteng ba Jerusalema ke bone manyala, ho feba le ho tsamaya leshanong; ba tiisa matsoho a ba babe, ba tle ba se ke ba sokoloha e mong le e mong bobeng ba hae. Ho nna kaofela ha bona ba jwaloka Sodoma, baahi ba teng ba jwaloka Gomorra.


Ho iketlile ba bolailweng ke lerumo ho feta ba bolailweng ke tlala; bana ba fedile ba bolailwe ke ho hloka se bewang ke tshimo.


Ka baka la bohlale ba hae, mano a tla atleha matsohong a hae; o tla ikgohomosa pelong ya hae, a senye ba bangata ba dutseng ka kgotso, a tsohele Morena wa marena matla; empa o tla robakwa, e seng ka letsoho la motho.


O tiisitse ditaba tseo o di boletseng hodima rona, le hodima baahlodi ba rona, ba neng ba re ahlola, ka ho tlisa bobe bo boholo hodima rona, boo ho esong ho etsahale tlasa lehodimo lohle bo jwaloka bo hlahetseng Jerusalema.


Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, haesale le tshimolohong ya lefatshe, ho fihlela jwale, tsietsi e kalo ha e eso ho ka e eba teng, mme ha e ka ke ya boela ya eba teng le ka mohla o le mong.


Ke a le bolella hore: Ka tsatsi lela, motse oo o tla fihlelwa ke bothata bo fetisang ba Sodoma.


Mohlanka ya tsebileng thato ya morena wa hae, mme a sa ka a lokisa letho, le ho etsa thato ya morena wa hae, o tla otlwa haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ