Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 4:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Esita le diphiri di ye di ntshe letswele ho anyesa madinyane a tsona; empa moradi wa setjhaba sa ka, yena, o thatathata jwaloka dimpshe tsa lefeella.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Phokojwe le tsona di ye di nyantshe, di ye di nyantshe madinyane a tsona; empa tjhaba sa heso se sehloho haholo, se tshwana le dimpshe tsa lehwatata!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 4:3
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hosasa ha ke tsoha, ke re ke anyesa mora wa ka, ka bona a se a timetse; empa ha ke mo qamakisisa hosasa, ka bona e se mora ka eo ke mo tswetseng.


Diphokojwe di tla lla matlung a marena a teng, diphiri di lle matlung a teng a dinyakallo. Nako ya Babilona e se e le haufi, matsatsi a hae a ke ke a eketseha.


Meutlwa e tla mela matlung a marena a teng, bobatsi le dihlahla di mele diqhobosheaneng tsa teng, e be naha ya diphokojwe le makgulo a dimpshe.


Hleka mosadi a ka lebala lesea leo a le anyesang na? Na a ka lesa ho hauhela ngwana wa mala a hae na? Empa le hoja a ka mo lebala, nna, nke ke ka ba ka o lebala.


Ke tla ba jesa nama ya bara ba bona le nama ya baradi ba bona; e mong o tla ja nama ya motswalle wa hae tsietsing le patisong eo ba tla patiswa ka yona ke bao e leng dira ho bona le ke ba batlang bophelo ba bona.


Bona, Jehova, o tadime eo o mo entseng jwalo. Ho jwang, ha basadi ba ile ba eja ditholwana tsa bona, bana bao ba bileng ba ba emara? Keng, ha ho ile ha bolawa moprista le moporofeta sehalalelong sa Morena na?


Matsoho a basadi ba bonolo a apehile bana ba bona, ya eba dijo tsa bona tshenyehong ya moradi wa setjhaba sa ka.


Ha ho le jwalo, hona ha hao ba nang le bana ba tla ja bara ba bona, bara ba je bontata bona, mme ke tla o hlahisetsa dikahlolo, ke qhalanyetse masala wohle a hao ka nqa tsohle.


Le tla ja nama ya bara ba lona, le je le nama ya baradi ba lona.


Ba thotofetse, ha ba na molomo o tshepehang, ha ba na lerato la hlaho, ba na le bohale bo sa tapeng, ha ba na ho utlwela ba bang bohloko.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ